Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w26 July maq. 14-19
  • Tsoela Pele ho Tseba Jehova Haholoanyane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsoela Pele ho Tseba Jehova Haholoanyane
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • HO BOLELA’NG HO TSEBA JEHOVA?
  • KE HOBANE’NG HA RE LOKELA HO TSOELA PELE HO TSEBA JEHOVA?
  • RE KA ETSA’NG E LE HORE RE TSEBE JEHOVA HAHOLOANYANE?
  • HA HO MOHLA RE TLA KHAOTSA HO ITHUTA
  • Ka Boikokobetso Amohela Hore ho na le Lintho Tseo u sa li Tsebeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Liqeto Tse Bontšang Hore re Tšepa Jehova
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2023
  • Fumana Likarabo Tsa Lipotso Tsena
    Lenaneo la Kopano ea Potoloho ea 2026-2027 ka Moemeli oa Lekala
  • ‘Jehova o Tla Etsa Hore re Thabe Haholo’
    Lenaneo la Kopano ea Potoloho ea 2026-2027 ka Moemeli oa Lekala
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
w26 July maq. 14-19

LA 21-27 SEPTEMBER 2026

PINA EA 12 Jehova o Tšoaneloa ke Thoriso

Tsoela Pele ho Tseba Jehova Haholoanyane

“Tseba Molimo oa ntate oa hao ’me u mo sebeletse ka pelo eohle.”—1 LIKRON. 28:9.

NTLHA-KHOLO

Se boleloang ke ho tseba Jehova, ke hobane’ng ha re lokela ho batla ho mo tseba haholoanyane le hore na re ka etsa seo joang.

1. Re ikutloa joang ha re nahanisisa ka tsebo ea Jehova, bohlale ba hae le lintho tseo a li finyelletseng?

NA U kile oa nahana hore na tsebo ea Jehova e tebile hakae, hore na o bohlale hakae le hore na o finyelletse lintho tse kholo hakae? Rea hlolloa ha re nahana ka ’Mopi oa rona. Mohlomong u ikutloa joaloka moapostola Pauluse, ea ileng a re: “Litlhohonolofatso tsa Molimo li ngata hakaakang! Bohlale ba hae le lintho tseo a li tsebang li ke ke tsa lekanngoa. Likahlolo tsa hae li ke ke tsa utloisisoa ka ho feletseng hape re ke ke ra tseba litsela tsa hae kaofela.”—Bar. 11:33, 34.

2. Ke eng e bontšang hore re ka khona ho tseba Jehova?

2 Le hoja ho se mohla re ka tsebang lintho tsohle ka Jehova, ho isa boholeng bo itseng hoa khoneha hore re tsebe hore na o joang. Morena Davida o ile a re ho mora oa hae Solomone: “Tseba Molimo oa ntate oa hao ’me u mo sebeletse ka pelo eohle . . . Haeba u mo batla, o tla etsa hore u mo fumane.” (1 Likron. 28:9) Lilemo tse makholo hamorao, moapostola Johanne a ile a hopotsa Bakreste-’moho le eena hore ba na le “kutloisiso e le hore [ba] ka tseba Molimo oa ’nete.” (1 Joh. 5:20) Le Jesu ka boeena o ile a re “mang kapa mang eo [Mora a] ratang ho mo ruta ka Ntate” a ka tseba Jehova.—Mat. 11:27.

3. Re tl’o bua ka eng sehloohong see?

3 Batho bohle ba inehetseng ho Jehova ba se ba ithutile lintho tse ngata ka eena. Leha ho le joalo, ha ho mohla re tla emisa ho “tseba” Jehova. (Joh. 17:3) Ka mohlala, re ka lula re ithuta haholoanyane ka hore na ke eng e mo thabisang le hore na re ka etsa’ng e le hore re mo tšepe le ho feta. A re hlahlobeng lipotso tse tharo tseo kaofela re lokelang ho li hlahloba ho sa tsotellehe hore na re na le nako e kae re sebeletsa Jehova: Ho bolela’ng ho tseba Jehova? Ke hobane’ng ha re lokela ho tsoela pele ho mo tseba haholoanyane? Re ka etsa’ng e le hore re mo tsebe haholoanyane?

HO BOLELA’NG HO TSEBA JEHOVA?

4. Ho tseba Jehova ho akarelletsa eng?

4 Rea ithuta hore na ho tseba Jehova ho akarelletsa’ng ha re hlahloba seo a ileng a se bua ho Bajuda ba neng ba tsoa botlamuoeng. Ka mor’a hore ba khutle botlamuoeng, Jehova o ile a tšepisa a re: “Ke tla etsa hore lipelo tsa bona li batle ho ntseba, li tsebe hore ke ’na Jehova.” (Jer. 24:7) Bajuda bao ba ne ba tseba lintho tse ngata ka Jehova. Empa boiteko ba bona ba ho batla ho tseba Jehova bo ne bo lokela ho akarelletsa hore tsebo eo e ame lipelo, maikutlo le sepheo sa bona. Setsebi se seng sa Bibele se beha taba ena tjena: “Ho na le phapang e kholo pakeng tsa ho tseba ka Molimo le ho tseba Molimo. Phapang ena e ka bapisoa le phapang e teng pakeng tsa ho bala ka lerato le ho rata motho.” Ha hoa lekana ho tseba hore Molimo ke Jehova le hore ke eena Molimo oa ’nete. Re batla ho tseba Mong’a lebitso leo hantle.

5. Re ka ithuta eng ho Morena Josiase tabeng ea hore na ho bolela eng ho tseba Jehova?

5 Ha re ntse re tseba Jehova, rea ithuta hore na o thabisoa ke’ng le hore na o halefisoa ke’ng. Ka mohlala, nahana ka Morena Josiase. Bibele e re: “Ha a e-na le lilemo tse robeli a busa, e sa le moshanyana, a qala ho sebeletsa Molimo oa moholo-holo oa hae Davida.” (2 Likron. 34:3) Josiase ha aa ka a ithuta feela ka Jehova empa o ile a sebelisa seo a ithutileng sona. Ke ka lebaka leo Jehova a ileng a bolella Jeremia hore Josiase “o ile a sebetsa ka toka le ka ho loka” le hore o ile a buella ba mahlomoleng le mafutsana. Jehova o ile a boela a re: “Na eo ha se eona ntho e boleloang ke ho ntseba?”—Jer. 22:15, 16.

6. Joalokaha ho bontšitsoe ho Pesaleme ea 9:10, ho tseba Jehova ho tla re ama joang?

6 Bala Pesaleme ea 9:10. Ha re tsoela pele ho tseba Jehova, re tla mo tšepa le ho feta. Seo ke sona se ileng sa etsahalla moapostola Pauluse. Nakong eo a neng a tšoeroe ka lekhetlo la ho qetela, pejana ho lefu la hae, o ile a ngola hore na ke hobane’ng ha a sa soabele ho hlaheloa ke lintho tse bohloko. O ile a re: “Ke tseba eo ke lumelang ho eena.” (2 Tim. 1:12) Maemo ao Pauluse a fetileng ho ’ona bophelong le lintho tseo a neng a ithutile tsona li ile tsa mo susumelletsa hore a tšepe Molimo ka ho felletseng. Pauluse o ne a kholisehile hore Jehova a ke ke a lebala hore o mo sebelelitse ka botšepehi le hore o tla mo tsosa.

KE HOBANE’NG HA RE LOKELA HO TSOELA PELE HO TSEBA JEHOVA?

7. Ho ka etsahala eng ka mor’a ho sebeletsa Jehova ka lilemo tse ngata?

7 Ha re ne re qala ho ithuta ka Jehova, re ne re etsa boiteko bo matla ba ho tseba lintho tse ngata ka eena. Empa ka mor’a lilemo tse ngata re mo sebeletsa, ho ka etsahala hore boiteko boo bo se bo fokotsehile. Hobane’ng? Hobane ha re ipalla Bibele ka borona kapa re e-na le ba bang libokeng, re ka sheba feela hore na re ka sebelisa lintlha tseo ho buuoang ka tsona joang kapa ra thusa batho ba bang ka tsona joang. Mangolo a re khothalletsa ho etsa joalo. (2 Tim. 3:16, 17) Empa Bibele e boetse e hlalosa ho hongata ka Mongoli oa eona. (Pes. 25:8-10) Ha rea lokela ho sheba haholo hore na molaetsa oa Bibele o ka tsoela rona kapa ba bang molemo joang hoo re ka lebalang ho ipotsa potso ena, ‘See se nthuta’ng ka Jehova Molimo?’a

8. Ho tseba Jehova haholoanyane ho tla ama setsoalle sa rona le eena joang? (Pesaleme ea 73:24-28)

8 Ha re ntse re tseba Jehova haholoanyane, setsoalle sa rona le eena se ba matla le ho feta. Ka mohlala, u ikutloa joang ka Jehova ka mor’a ho etsa ’malo oa hao oa Bibele oa letsatsi le letsatsi, ka mor’a ho shebella lenaneo la broadcasting la khoeli le khoeli kapa ha u tsoa kopanong ea potoloho kapa ea setereke? Hangata re ikutloa re le haufi le ho feta le Ntate oa rona ea leholimong. Hobane’ng? Hobane re ithutile haholoanyane ka eena. Ka lebaka la seo, re susumelletseha ho mo rorisa le ho mo leboha. Re ikutloa joaloka mopesaleme ea ileng a nahanisisa ka kamoo Jehova a mo ratang kateng, ha a re: “Molimo o sireletsa pelo ea ka, ke lefika la ka ebile ke eena feela eo ke nang le eena ka ho sa feleng.” (Bala Pesaleme ea 73:24-28.) Boiteko bo bong le bo bong boo re bo etsang ba ho tseba Jehova bo etsa hore re ananele setsoalle sa bohlokoa seo re nang le sona le eena haholoanyane.

9. Ho ‘kenya Jehova mererong’ ea rona ho tla ama liqeto tsa rona joang? Etsa mohlala.

9 Bibele e re re ‘kenye Jehova mererong’ ea rona. Sena se bolela ho nahana ka lintho tsohle tseo re ithutileng tsona ka eena le hore na o ikutloa joang ka lintho tseo re li etsang kapa tseo re sa li etseng. Sena se tla re thusa hore re etse liqeto tse molemo. (Liprov. 3:5, 6) Ka mohlala, bara le barali ba bo rona ba bangata ba behile linepe tsa balekane ba bona tafoleng eo ba sebeletsang ho eona, ka sepacheng kapa lifonong. Sena se ba thusa hore ba lule ba nahana ka kamoo ba ratang balekane ba bona kateng, ba etse liqeto tse tla ba thabisa le ho qoba ho etsa ntho leha e le efe e ka ba utloisang bohloko. Ka tsela e tšoanang, ha re ntse re nahana ka Jehova haholoanyane, re tla susumelletseha le ho feta ho etsa liqeto tse tla mo thabisa.—Pes. 19:13, 14.

10. Ha re ntse re ithuta ka Jehova, re tla khona ho etsa eng?

10 Re entsoe ka setšoantšo sa Jehova, e leng se etsang hore re khone ho bontša makhabane a hae. (Gen. 1:26) Ha re ntse re ithuta ka makhabane a Jehova haholoanyane, re tla utloisisa hamolemo hore na re ka mo etsisa joang. Jesu o ile a khalemela bangoli le Bafarisi ka matla ka lebaka la ho hloleha ho bontša makhabane a Molimo. Le hoja ba ne ba nkela likarolo tse nyenyane tsa Molao hloohong, ba ne ba “tlohetse litaba tsa bohlokoa haholo tsa Molao e leng toka, mohau le botšepehi.” (Mat. 23:23) Ho fapana le baeta-pele bao ba bolumeli, a re etseng sohle seo re ka se khonang ho utloisisa haholoanyane hore na melao le melao-motheo ea Jehova e bontša makhabane a hae joang. Ho etsa joalo ho tla re thusa hore le rona re bontše makhabane a tšoanang.—1 Joh. 4:8, 11.

RE KA ETSA’NG E LE HORE RE TSEBE JEHOVA HAHOLOANYANE?

11. U tsebile Jehova joang?

11 Ke mang ea u tsebisitseng Jehova? Mohlomong u holisitsoe ke batsoali ba Lipaki. Ho ka etsahala hore ba ile ba u bolella litlaleho tsa Bibele tse ileng tsa u bontša makhabane a Molimo le ho u ruta kamoo lintho tseo a li bopileng li bontšang botho ba hae kateng. Mohlomong u ile oa amohela ho ithuta Bibele le e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Ho ka etsahala hore o ile a sebelisa buka ea U ka Thaba ka ho sa Feleng! ho u thusa hore u utloisise litlaleho tsa Bibele le ho ithuta ka makhabane a Jehova a khahlehang ka ho sheba lintho tseo a li bopileng.b (Neh. 8:8; Lik. 14:17) A re hlahlobeng hore na re ka etsa’ng e le hore re tsoele pele re ithuta ka Jehova.

12, 13. Re ka ithuta eng ka Jehova ha re bala Bibele? Fana ka mohlala. (Jeremia 39:15-18) (Sheba setšoantšo.)

12 Ntho ea pele e tla u thusa ho ithuta haholoanyane ka Jehova ke ho bala le ho ithuta Lentsoe la hae. Ka linako tse ling, Bibele e bontša makhabane a Molimo ka ho toba. (Ex. 34:6, 7) Leha ho le joalo, hangata e bua ka liketsahalo tse amang batho le liqeto tseo ba ileng ba li etsa. Ha u bala litlaleho tse kang tseo, nahana ka hore na li u ruta’ng ka Jehova.

13 Nahana ka mohlala ona. Ha u bala Jeremia 38:6-13, u ithuta ka Ebede-meleke oa Moethiopia, ea ileng a pholosa moprofeta Jeremia. Ntle ho pelaelo, kapele-pele u hlokomela litsela tseo u ka etsisang Ebede-meleke tabeng ea boitelo, sebete le ho bontša lerato ho Bakreste-’moho. Empa na u boetse u bona makhabane a Jehova tlalehong ee? (Bala Jeremia 39:15-18.) Ka mohlala, ke temana efe e bontšang hore Jehova oa ananela, o na le toka ebile ha a leeme? Ke makhabane afe a mang a Jehova ao u a hlokomelang tlalehong ee? Ha u bala tlaleho ea Bibele, batla makhabane a Jehova ’me u mo lebohe u be u mo rorise ka lebaka la makhabane ao.

Ebede-meleke le banna ba ’maloa ba ntša Jeremia ka sekoting ba sebelisa ropo. Banna ba bang ba hlometseng ba eme ba falimehile.

Ka sebete Ebede-meleke o pholosa Jeremia ea neng a lahletsoe ka sekoting (Sheba serapa sa 12 le 13)


14. Re ka etsa eng e le hore re rue molemo o felletseng ha re sheba popo?

14 Ntho ea bobeli e ka re thusang hore re ithute haholoanyane ka Jehova ke ka ho nahanisisa ka lintho tseo a li bopileng. (Pes. 145:9, 10) Ke ’nete hore ho li sheba feela ha hoa lekana. Batho ba bang ba qeta bophelo bohle ba bona ba ithuta ka popo, empa ba hloleha ho bona hore Molimo o teng le ho bona makhabane a hae linthong tseo a li bopileng. Moapostola Pauluse o ile a ngola ka Molimo a re: “Makhabane a hae a bonoa ka ho hlaka linthong tseo a li bopileng lefatšeng hobane batho ba ka a bona ha ba li sheba.” (Bar. 1:20) Phetolelong e ’ngoe ea Bibele, temana ena e re ‘motho ea nahanang lintho hantle a ka khona ho bona makhabane a Molimo.’ Kahoo, re batla ho ema ’me re nahane ka popo e le hore re lemohe makhabane a ’Mopi oa rona.

15. Mor’abo rona Patrick o entse eng e le hore a tsebe Jehova haholoanyane, hona u ka mo etsisa joang? (Sheba setšoantšo.)

15 Boholo ba rona re lula litoropong hole le popo. Haeba le uena u boemong bona, na ho na le lintho tseo u ka ithutang tsona popong? Nahana ka Mor’abo rona Patrick, ea lulang Brazzaville, motseng o moholo oa Rephabliki ea Congo. O re: “Ke leka ho sheba popo ke le foranteng ea ka. Hangata ke bona likokoanyana tse nyenyane kapa linonyana tse nyenyane li phathahane li batla lijo kapa bolulo. Ka letsatsi le leng ke ile ka bona linonyana li etsa sehlaha. Li ile tsa fumana lintho tseo li ka se hahang ka tsona haufi le moo ke lulang ’me li ile tsa etsa sehlaha se setle bakeng sa malinyane a tsona.” Empa Mor’abo rona Patrick ha aa ka a fella moo. O ile a nahanisisa ka botebo ka ’Mopi. O re: “Ke ile ka ithuta hore Jehova o tsotella popo ea hae, le e shebahalang e le nyenyane. Sena se nkholisitse hore le ’na oa ntsotella ’me a ke ke a hloleha ho mpha lintho tseo ke li hlokang.”

Morali oa bo rona ea lulang toropong o ntse a nosetsa limela tsa hae tse foranteng ’me oa hlolloa ha a shebile nonyana e bitsoang hummingbird e ntse e ja palesa.

Tseba Jehova haholoanyane ka ho nahanisisa ka lintho tseo u li bonang popong ea hae (Sheba serapa sa 15)


16. Ke eng e thusitseng Maria ’mè oa Jesu hore a tsebe Jehova haholoanyane, hona re ka mo etsisa joang? (Sheba setšoantšo.)

16 Ntho ea boraro e ka re thusang ho tseba Jehova haholoanyane ke ho nahanisisa ka lintho tseo a re etselitseng tsona. Sena ke sona seo Maria ’mè oa Jesu a ileng a se etsa. O ne a se a ntse a tseba Jehova hantle ’me “Molimo [a mo] hauhetse.” (Luka 1:30) Ho ntse ho le joalo, o ile a fuoa kabelo ea bohlokoa le e boima ea hore e be ’mè oa Mora oa Molimo. Jehova o ile a matlafatsa Maria a sebelisa lengeloi Gabariele le Elizabetha ea neng a amana le eena, a ba a mo kholisa hore o tla mo thusa. Hamorao Maria o ile a nahanisisa ka hore na lintho tse mo etsahalletseng li bontšitse matla a Jehova joang, mohau oa hae, ho se be le leeme le ho tsotella batho ba boemong bo tlase. (Luka 1:46-55) Joalokaha Maria a ile a ananela tšehetso ea Molimo, le rona re tlala kananelo ha Jehova a re thusa “ka nako e nepahetseng.” (Baheb. 4:16) Ha Molimo a u thusa ka tsela ena, ipotse: ‘See se nthutile’ng ka Jehova? Phihlelo ee e entse hore ke hlokomele makhabane afe a Jehova?’

Litšoantšo: Mor’abo rona o nahana ka nako eo ka eona Jehova a neng a mo tšehetsa. 1. O ile a rapella kabelo eo a neng a e-na le eona libokeng a tšoenyehile. 2. O ile a atleha ho fana ka kabelo ea hae.

Tseba Jehova haholoanyane ka ho nahanisisa ka lintho tseo a u etselitseng tsona (Sheba serapa sa 16)c


HA HO MOHLA RE TLA KHAOTSA HO ITHUTA

17, 18. Ke hobane’ng ha re ka re ha ho mohla re tla khaotsa ho ithuta ka Jehova?

17 Nahana hore na re tla ithuta lintho tse ngata hakaakang ka Jehova lefatšeng le lecha. Re tla fuoa meqolo e mecha e re bolellang tsela eo a batlang hore re phele ka eona. (Tšen. 20:12) Re tla boela re ithute lintho tse ngata ka eena ha re se re thabela ka ho felletseng lintho tsohle tseo a li bopileng. (Esa. 11:6-9) Hape re tla boela re tsebe Jehova haholoanyane ka litsela tse ling tse ncha, tse akarelletsang ha re bona a tsosa baratuoa ba rona ebile a re thusa hore re phethahale letsatsi le letsatsi.

18 Ha ho mohla re tla khaotsa ho tseba Jehova. Ha se joale a le teng, kahoo “o bohlale ka tsela eo re ke keng ra khona ho e utloisisa.” (Pes. 90:2; 147:5) Ha ho mohla re tla “tseba mosebetsi oo Molimo oa ’nete a o entseng ho tloha qalong ho isa qetellong.” (Moek. 3:11) Kahoo, ho sa tsotellehe hore na re na le nako e telele hakae re mo sebeletsa, e se eka re ka sebelisa monyetla o mong le o mong ho ithuta haholoanyane ka Ntate oa rona ea lerato.

U KA RE’NG?

  • Ho bolela eng ho tseba Jehova?

  • Ke hobane’ng ha re lokela ho tsoela pele re tseba Jehova?

  • Re ka etsa eng hore re tsebe Jehova haholoanyane?

PINA EA 28 E-ba Motsoalle oa Jehova

a Sheba karolo e hlahang ka pele ho Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha e nang le sehlooho se reng “Selelekela sa Lentsoe la Molimo,” potso ea 20.

b Sheba khaolo ea 7 ntlha ea 5-7 bukeng ea U ka Thaba ka ho sa Feleng!

c TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Mor’abo rona ea nang le bothata ba ho tšoenyeha, o nahanisisa ka kamoo Jehova a mo thusitseng kateng ho phetha kabelo ea hae sebokeng sa har’a beke.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela