LA 14-20 SEPTEMBER 2026
PINA EA 41 Ka Kopo, Utloa Thapelo ea Ka
Buka ea Esaia e ka u Tšelisa
“Jehova o re: . . . ‘Joalokaha ’mè a tšelisa mora oa hae le ’na ke tla ’ne ke le tšelise.’”—ESA. 66:12, 13.
NTLHA-KHOLO
Kamoo ho nahanisisa ka buka ea Esaia ho ka re tsosang molota kateng ha re utloile bohloko kapa re nyahame.
1, 2. Jehova o re thusa joang ha re hlaheloa ke maemo a re utloisang bohloko?
NAHANA ka ngoana ea utloileng bohloko ea llang sa ’mokotsane. Mohlomong o lla hobane lelapa labo le falla ’me sena se bolela hore o lokela ho siea metsoalle ea hae. Kapa mohlomong o utloile bohloko ka lebaka la phoso eo a e entseng. Maemong a kang aa, ’mè ea lerato o ne a tla etsa’ng? O ne a tla haka ngoana oa hae, a mo mamele ha a ntse a hlalosa lintho tse mo tšoenyang a lla a be a mo kholise hore oa mo rata.
2 Ka Bibeleng, Jehova o itšoantša le ’mè ea tsotellang le ea lerato ea tšelisang ngoana oa hae. O re: “Joalokaha ’mè a tšelisa mora oa hae le ’na ke tla ’ne ke le tšelise.” (Esa. 66:13) Lerato leo Jehova a re ratang ka lona le feta hole la motsoali leha e le ofe. (Esa. 49:15) O sebelisa Lentsoe la hae e leng Bibele ho re khothatsa le ho re matlafatsa ha re nyahame kapa re tšoenyehile.—Bar. 15:4.
3. Re tl’o hlahloba eng sehloohong see?
3 Buka ea Esaia e na le matšeliso a mangata a tsoang ho Jehova. (Esa. 40:1) Ntate oa rona ea lerato, o susumelitse Esaia hore a ngole buka ena ho tšelisa batho ba hae ba neng ba phela Juda nakong eo ho neng ho e-na le mathata a mangata. Le rona re phela mehleng eo ‘bophelo bo leng thata hape bo leng kotsi,’ kahoo re hloka ho tšelisoa. (2 Tim. 3:1) A re hlahlobeng litemana tse ling bukeng ena ea Esaia tse ka re thobang maikutlo le ho re matlafatsa ha (1) maemo a rona a fetoha re sa lebella, (2) re ikutloa re le molato ka ho fetelletseng ’me boikutlo boo bo sa ee moriting, le ha (3) re utloile bohloko ka lebaka la ho hlokahalloa ke motho eo re mo ratang.
HA MAEMO A RONA A FETOHA RE SA LEBELLA
4. Re ka ikutloa joang ha maemo a rona a fetoha re sa lebella?
4 Bophelo ba rona bo ka fetoha ka ho panya ha leihlo. (Moek. 9:11; 1 Bakor. 7:31) Kapele feela re ka kula, ra ba le mathata a lichelete, ha e-ba le merusu ea lipolotiki kapa likabelo tsa rona tsa fetoha tšebeletsong. Liphetoho tse joalo li ka etsa hore re ikutloe re tšoenyehile kapa re ferekane. Ha ho phoso ho ipotsa hore na re tla nka eng re e kopanye le eng. Nahana ka Mor’abo rona Joseph ea ileng a koptjoa hore a ee tšimong ka mor’a ho sebeletsa Bethele ka lilemo tse ka bang 17. O re: “Ke ile ka utloa eka ke lahlehile. E ne e le bothata bona bo haesale hore ke qale bophelo bo bocha ka mor’a ho ba Bethele ka nako e telele. Ke ne ke sa tsebe hore na ke qale hokae.” Jehova o re tšelisa joang a sebelisa buka ea Esaia ha maemo a rona a fetoha re sa lebella?
5. Ho ea ka Esaia 42:16, Jehova o re kholisa hore o tla re etsetsa eng? (Sheba setšoantšo.)
5 Bala Esaia 42:16. Jehova o tšepisa ho tataisa batho ba kang lifofu tseleng eo ba sa e tloaelang le ho fetola lefifi le ka pel’a bona hore e be leseli. Mantsoe a reng “lifofu,” “tseleng eo li sa e tloaelang,” “lefifi” le “sebaka se matsaranka” a ka hlalosa hantle tsela eo re ikutloang ka eona ka bokamoso ha maemo a rona a fetoha re sa lebella. Re ka ikutloa eka re tsamaea ka har’a moru o teteaneng, re tsielehile hore na re tsoa le hokae. Leha ho le joalo, Jehova o re kholisa hore ho sa tsotellehe boemo boo re tobanang le bona, o tla re fa tataiso eo re e hlokang ’me a ke ke a re lahla le ka mohla. O tla re tšoara ka letsoho, a re tataise har’a lefifi, a bonese tsela eo re tsamaeang ho eona le ho batalatsa sebaka se matsaranka seo re tsamaeang ho sona. Jehova o etsa see joang? O re fa keletso e bohlale a sebelisa Lentsoe la hae le mokhatlo oa hae. (Pes. 119:105; Esa. 30:21) O boetse o sebelisa bara le barali ba bo rona le batho ba bang ho re thusa ka lintho tseo re li hlokang. Leha re sa bone tsela eo re tsamaeang ho eona hantle ’me ho bonahala eka ho thata ho tsamaea ho eona, re ka tšepa hore Jehova o tla re tataisa hobane a re rata a bile a utloisisa kamoo re ikutloang kateng.—Esa. 41:10; 1 Pet. 5:6, 7.
Leha maemo a hao a ka fetoha u sa lebella, Jehova a ke ke a u tlohela (Sheba serapa sa 5)b
6. Haeba maemo a rona a fetoha ka ho panya ha leihlo, re ka kholiseha ka eng?
6 Mor’abo rona Joseph, eo re buileng ka eena pejana, o hlalosa kamoo eena le mohatsa oa hae ba ileng ba utloa kateng hore Jehova o ba tšehetsa ka lerato ka mor’a hore ba tlohe Bethele. O re: “Re ile ra bona letsoho la Jehova nakong eo. O ile a re thusa a sebelisa bara le barali ba bo rona ba lerato. O ile a re hlokomela maikutlong le ho re fa lintho tseo re li hlokang ka nako e nepahetseng ’me o ntse a tsoela pele ho etsa joalo.” Haeba maemo a hao a fetoha ka ho panya ha leihlo, le uena u ka kholiseha hore Jehova o tla u fa matla le tataiso eo u e hlokang ho sa tsotellehe hore na boemo bo shebahala bo le boima hakae. (Esa. 54:10; 58:11) Mor’abo rona Joseph o ekelletsa ka ho re: “Mantsoe a pina e ’ngoe ea broadcasting a beha taba ena hamonate ha a re, ‘Leha ke sa tsebe tsa hosane, kea tseba hore ha ke mong ho hang.’a Le hoja lintho li ke ke tsa tsamaea ka mokhoa oo re nahanneng ka oona, re kholisehile ka ntho e le ’ngoe, e leng hore Jehova o tla lula a e-na le rona ka mehla.”
HA RE IKUTLOA RE LE MOLATO KA HO FETELLETSENG
7. Batho ba bang ba ka loantšana le maikutlo afe ka lebaka la liphoso tseo ba ileng ba li etsa?
7 Ha re bolella baholo sebe se tebileng seo re se entseng, ba tla re thusa ka lerato ’me ka mor’a moo re tla sebetsa ka thata e le hore re se ke ra etsa sebe seo hape. (Liprov. 28:13; Jak. 5:14-16; 1 Joh. 1:9) Leha ho le joalo, le ka mor’a hore re bontšoe mohau, re ka ’na ra tsoela pele re ntse re ikutloa re le molato. Re ka ipotsa: ‘Na ebe Jehova o tla ke a ntšoarele ka lebaka la seo ke se entseng?’ (2 Bakor. 2:7) Hoa utloahala hore re ka ba le boikutlo bo joalo hobane liphoso li ka re imela ’me tsa lula li luma likelellong tsa rona. Morena Davida o ile a ngola a re: “Ha ke na khotso ka lebaka la sebe sa ka. Ke utloile bohloko haholo hoo ke seng ke sa utloe letho.” (Pes. 38:3, 8) Haeba ka linako tse ling u ikutloa ka tsela ena ka lebaka la liphoso tseo u ileng oa li etsa, buka ea Esaia e ka u tšelisa.
8, 9. Lengolo la Esaia 1:18 le bontša joang hore Jehova o re tšoarela ka ho felletseng?
8 Bala Esaia 1:18. Jehova o sebelisa papiso e hlalosang kamoo a re tšoarelang ka ho felletseng kateng. O re le haeba libe tsa rona li ka ba “khubelu” kapa tsa ba ’mala oa sekareleta, e leng ’mala oo haeba o tlotsa seaparo o sa tloheng habonolo, o tla etsa hore li be “tšoeu joaloka lehloa.” Kahoo, Jehova o re tiisetsa hore ha a re tšoarela, a ke ke a hopola libe tsa rona bophelo bohle ba rona.
9 Nahana ka mohlala oa Morena Davida. Le hoja a ne a le molato oa ho etsa bofebe le ho bolaea, Jehova o ile a mo tšoarela ’me hamorao a re ke monna ea tšepahalang. (2 Sam. 11:3, 4, 14, 15; 12:13; 1 Mar. 9:4, 5) Ha Jehova a ne a sheba Davida, o ne a sa bone liphoso tsa hae, empa o ne a bona botšepehi ba hae. Ka ho tšoanang, Jehova o re tšoarela ka lerato ha re baka, ’me o re thusa hore re tsoele pele re mo sebeletsa ka letsoalo le khutsitseng. Re fumana kholiseho efe hape bukeng ea Esaia ha re ikutloa re le molato ka tsela e fetelletseng?
10. Re fumana matšeliso afe ho Esaia 38:17?
10 Bala Esaia 38:17 le naletsana. Polelo e reng, “u lahletse libe tsohle tsa ka ka mor’a hao” e ka boela ea bolela “u tlositse libe tsohle tsa ka mahlong a hao.” Mona Jehova o hlalosoa a nka libe tsa moetsalibe ea bakileng, ’me a li lahlela ka mor’a hae moo a ke keng a hlola a li bona kapa a nahana ka tsona. Buka e ’ngoe ea litšupiso e hlalosa temana ena tjena: “U etsa eka ha ke e-s’o etse libe ho hang.” Kahoo, ha Jehova a re tšoarela, ho eena ho tšoana le ha eka ha re e-s’o etse sebe ho hang. Hang ha Jehova a re tšoarela, a ke ke a hopola libe tsa rona tsa nakong e fetileng, e le hore a re qose kapa a re ahlolele tsona hape. O hlakola libe tseo ka ho felletseng. Oa re tšepisa o re: “Nke ke ka hopola libe tsa hao.” (Esa. 43:25) Kannete taba ena ea re tšelisa. Haeba Jehova, Moahloli ea Phahameng, a re tšoaretse libe, rona re bo-mang hore ebe re ntse re ikahlola ka lebaka la tsona?
U se ke oa lumella liphoso tsa hao tsa nakong e fetileng hore li senye thabo eo u nang le eona hona joale
11. Ntho ea bohlokoa ho Jehova ke efe ho sa tsotellehe liphoso tseo re li entseng nakong e fetileng? (Sheba setšoantšo.)
11 Ha re boela re ikutloa re le molato ka ho fetelletseng hape, re lokela ho hopola seo Jehova a re tšepisang sona. O re tšoarela e le kannete le ka ho felletseng. Ha a re soabele ka lebaka la liphoso tsa rona tsa nakong e fetileng, ’me ha a tšoane le batho ba sa phethahalang ba lulang ba hopola liphoso tsa rona. (Esa. 57:16) Ntho ea bohlokoa ho Jehova ke motho eo re leng eena hona joale le eo re loanelang ho ba eena nakong e tlang, eseng eo re neng re le eena nakong e fetileng. (Esa. 55:7) Kannete re sebeletsa Molimo ea lerato le ea tšoarelang. Kahoo, a re se keng ra lumella liphoso tsa rona tsa nakong e fetileng hore li senye thabo eo re nang le eona hona joale kapa ho etsa hore re khaotse ho sebeletsa Jehova ’me ra lahleheloa ke monyetla oa ho fumana litlhohonolofatso nakong e tlang.
Ha Jehova a re sheba, ha a bone liphoso tsa rona tsa nakong e fetileng (Sheba serapa sa 11)c
HA RE UTLOILE BOHLOKO KA LEBAKA LA HO HLOKAHALLOA KE MOTHO EO RE MO RATANG
12. Re ka ikutloa joang ha motho eo re mo ratang a hlokahala?
12 Ha motho eo re mo ratang a hlokahala, re ka utloa bohloko bo otlang pelo ’me bohloko boo bo ka nka nako e telele. Ka linako tse ling, re ka ipotsa hore na ke hobane’ng ha Jehova a lumelletse hore motho eo re mo ratang a hlokahale. Batsoali ba Mor’abo rona Michael ba ile ba chella ka tlung. O re: “Ke ile ka utloa bohloko bo otlang pelo, ’me ke ne ke koatetse Jehova hobane a lumelletse hore ba hlokahale. Kea tseba hore ha se eena ea bakileng lefu la bona, empa le teng ha aa ka a le thibela.” Mohlomong le uena u kile oa ikutloa ka tsela e tšoanang. Linakong tse joalo tse bohloko, Jehova o re fa tšepo le matšeliso afe?
13. Jehova o re tšepisa eng ho Esaia 25:8?
13 Bala Esaia 25:8. Jehova o tšepisa hore “o tla felisa lefu ka ho sa feleng.” Nahana ho se ho se na lefu! U ke ke oa hlola u utloa bohloko ka lebaka la ho hlokahalloa ke motho eo u mo ratang. (Esa. 35:10) Hape ha u sa tla hlola u utloa bohloko ka lebaka la ho bona lebitla la moratuoa oa hao. Ho e-na le hoo, u tla lula u e-na le motho eo u mo ratang ’me a phetse hantle. Tšepiso ena ha se toro feela empa e fanoe ke Molimo ka boeena, e leng eena feela ea khonang ho e phethahatsa.—Tšen. 21:4, 5.
14. U ikutloa joang ha u nahanisisa ka tšepo ea tsoho? (Esaia 26:19) (Sheba setšoantšo.)
14 Bala Esaia 26:19. Ha se feela hore Jehova o tla felisa lefu, empa o tla boela a tsose le baratuoa ba rona ba hlokahetseng. Ha a bua ka bona, o re: “Litopo tsa ka li tla tsoha.” Sena se bontša hore Jehova o ba nka e le boikarabelo ba hae. O ba bolokile mohopolong oa hae. Ka nako ea hae, o tla ba tsosa. Feela joalokaha metsi a etsa hore semela se omelletseng se phele hape, Jehova e leng Mohloli oa bophelo, o tla tsosa baratuoa ba rona ba ithoballetseng lefung. E tla ba thabo e kaakang ho ba amohela ha ba tsosoa!—Bapisa le Mareka 5:42.
Tšepo ea ho bona baratuoa ba rona ba hlokahetseng ba phela hape ke ea sebele (Sheba serapa sa 14)
15. Tšepiso ea Molimo ea ho tsosa bafu e re thusa joang hore re mamelle bohloko ba ho hlokahalloa?
15 Le hoja tšepiso ea Molimo ea ho tsosa bafu e sa felise bohloko boo re bo utloang, re ka tšelisoa ke ho tseba hore Jehova ha aa lebala baratuoa ba rona ba hlokahetseng. Sena se ile sa tšelisa Mor’abo rona Michael, eo re buileng ka eena pejana. O re: “Lengolo la Esaia 26:19 le nthusitse ho utloisisa hore batsoali ba ka ke ba bohlokoa ho Jehova. Haesale a ba bolokile mohopolong oa hae ’me o tla tsoela pele a ba hopola ho fihlela a ba tsosa ka nako ea hae e loketseng. Sena se ntšelisa haholo ebile sea ’matlafatsa.” E se eka le rona re ka lula re nahana ka nako eo ka eona re tla boelana le baratuoa ba rona ba hlokahetseng. Ho etsa joalo ho tla re thusa hore re mamelle bohloko boo re bo utloang.
16. Ke temana efe e u tšelisang ha u tobane le boemo bo boima?
16 Re se re hlahlobile litemana tse ’maloa bukeng ea Esaia tse ka re tšelisang ha maemo a rona a fetoha re sa lebella, ha ho ikutloa re le molato ka ho fetelletseng ho sa ee moriting le ha re utloile bohloko ka lebaka la ho hlokahalloa ke baratuoa ba rona. Re ananela hore ebe Jehova oa re tšelisa le ho re thoba maikutlo a sebelisa Lentsoe la hae. (Pes. 94:19) Na ho na le temana e itseng ka ho khetheha e u tšelisang ha u tobane le boemo bo boima? E tšoare ka hlooho haeba u khona, e ngole fatše kapa u e manehe moo u tla e bona hangata. E se eka u ka fumana matšeliso a tsoang mantsoeng a thobang maikutlo a Ntate oa rona ea lerato ea leholimong, e leng Jehova.
PINA EA 3 Jehova o re fa Matla le Tšepo
a Mantsoe ana a nkiloe pineng ea broadcasting e reng “Jehova o na le ’Na.”
b TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Banyalani ba tlohileng Bethele ba amoheloa phuthehong ea ha bo bona e ncha.
c TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Mor’abo rona o lebala liphoso tsa hae tsa nakong e fetileng ’me o thabela ho ea Sekolong sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho.