LA 28 SEPTEMBER–LA 4 OCTOBER 2026
PINA EA 79 Ba Thuse Hore ba Tšepahale
Thusa Batho ba Bang Hore ba Tsebe Jehova
“Ba tla fumana bophelo bo sa feleng haeba ba u tseba, uena Molimo a le mong oa ’nete.”—JOH. 17:3.
NTLHA-KHOLO
Kamoo u ka thusang batho bao u ithutang Bibele le bona hore ba tsebe Jehova, makhabane a hae, lintho tse mo thabisang le tse sa mo thabiseng.
1. U ikutloa joang ha u bona motho eo u ithutang Bibele le eena a hatela pele moeeng?
U IKUTLOA joang ha motho eo u ithutang Bibele le eena a ea libokeng ka lekhetlo la pele, a qala ho araba, a bolella batho ba bang seo a ithutileng sona, ’me ha nako e ntse e ea a etsa qeto ea ho inehela ho Jehova Molimo? Ha ho pelaelo hore sena se u thabisa haholo. Rea tseba hore Jehova ke eena ea thusang motho hore a hatele pele moeeng. Kahoo, re lokela ho isa thoriso eohle ho eena.—1 Bakor. 3:5-9; 3 Joh. 3, 4.
2. Thato ea Jehova ke efe ka batho bao re ithutang Bibele le bona? (1 Timothea 2:3, 4)
2 Thato ea Molimo ke hore “batho ba mefuta eohle ba pholohe le hore ba fumane tsebo e nepahetseng ea ’nete.” (Bala 1 Timothea 2:3, 4.) Jehova o batla hore batho ba mo tsebe le hore ba tsebe merero ea hae. (Jer. 9:24) Sena se bolela hore motho o lokela ho ba le tsebo e nepahetseng. “Tsebo e nepahetseng” ke eng? Setsebi se seng sa Bibele se e hlalosa e le tsebo “e susumetsang motho hore a etse sohle seo a ka se khonang hore a atamele haufi le Molimo.” Tsebo eo ha e bolele hore motho a tsebe lintlha tse itseng feela ka Molimo. Ha motho eo re ithutang Bibele le eena a tseba Jehova hantle, tsebo eo e ama tsela eo a phelang ka eona. Hape e mo bulela monyetla oa hore a fumane “bophelo bo sa feleng.”—Joh. 17:3.
3. Re tl’o bua ka eng sehloohong see?
3 Jehova o re file tokelo e babatsehang ea hore re thuse batho ba bang hore ba mo tsebe. Sehloohong sena, re tl’o bua ka lipotso tse latelang: Ke hobane’ng ha batho bao re ithutang Bibele le bona ba lokela ho tseba Jehova hantle? Re ka etsa’ng ho ba ruta hore na Jehova ke Molimo ea joang? Hape re ka ba thusa joang hore ba sebelise tsebo eo ba nang le eona ka Jehova bophelong ba bona?
THUSA MOTHO EO U ITHUTANG LE EENA HORE A TSEBE JEHOVA HANTLE
4. Tumellanong le Mareka 12:30, morero oa rona o ka sehloohong ke ofe ha re ithuta Bibele le batho?
4 Jesu o ile a re taelo e kholo ka ho fetisisa ke hore u rate Jehova ka pelo ea hao eohle, ka moea oa hao oohle, ka kelello ea hao eohle le ka matla a hao ’ohle. (Bala Mareka 12:30.) E le hore motho eo re ithutang Bibele le eena a rate Jehova, o lokela ho mo tseba. Ha re batle hore batho bao re ithutang Bibele le bona ba inehele ho rona, ho lithuto tse itseng kapa ho mokhatlo o itseng. Empa re batla hore ba inehele ho Jehova. Kahoo, morero oa rona o ka sehloohong ha re ithuta Bibele le batho ke hore ba tsebe Jehova le ho mo rata.
5. Ho rata Jehova ho tla susumetsa motho eo re ithutang Bibele le eena hore a etse eng?
5 Lerato le ho mamela ke li-ea-thoteng li bapile. Ha motho eo re ithutang Bibele le eena a tseba Jehova le ho mo rata, o tla susumelletseha hore a mo mamele. Jesu o ile a re: “E le hore lefatše le tsebe hore ke rata Ntate, ke etsa lintho tseo Ntate a ntaetseng hore ke li etse.” (Joh. 14:31) Kahoo, joaloka Jesu, lerato ke lona le tla susumetsa motho eo re ithutang Bibele le eena hore a mamele Jehova le ho lula a mo tšepahalla.—1 Joh. 5:3.
6. Tsebo eo motho eo u ithutang Bibele le eena a nang le eona ka Jehova e tla mo thusa joang ha a etsa liqeto? Etsa mohlala.
6 Ha motho eo re ithutang Bibele le eena a tseba Jehova hantle, a ka nolofalloa ke ho etsa liqeto tse bohlale. Ka mohlala, motsamaisi oa sefofane ha a ithute ho fofisa sefofane ka hore a ithute melao ea sona feela kapa ka hore a ngole tlhahlobo feela. Empa o boetse o lokela hore a se fofisa ka makhetlo a mangata. Ha nako e ntse e ea, o ithuta kamoo sefofane se fofang kateng tlas’a maemo a fapaneng a leholimo le hore na liqeto tsa hae li tla ama tsela eo sefofane se fofang ka eona joang. Ka tsela e tšoanang, motho eo re ithutang Bibele le eena a ke ke a tseba Jehova ka ho ithuta Bibele feela, empa hape o lokela ho bona kamoo lintho li mo tsamaelang kateng ha a etsa liqeto tse lumellanang le melao-motheo ea Bibele. Ha a ntse a tsoela pele ho ithuta ka Jehova ’me a bona kamoo Ntate oa hae ea leholimong a mo thusang kateng, o tla ithuta ho etsa liqeto tse nepahetseng tlas’a boemo leha e le bofe.
7. Ho tseba Jehova ho ile ha thusa Josefa hore a etse liqeto tse nepahetseng joang?
7 Tsebo eo Josefa a neng a e-na le eona ka Jehova e ile ea mo thusa ha mosali oa Potifaro a ne a leka ho robala le eena. Ha ho pelaelo hore ho tloha ha Josefa a sa le monyenyane, o ile a ithuta ka pale ea Adama le Eva le ea Abrahama le Sara. (Gen. 2:24; 20:3, 6) Litlalehong tseo, Josefa o ne a khona ho bona hore na Jehova o ikutloa joang ka lenyalo le mpho ea thobalano. Josefa o ne a tseba Jehova hantle hoo a ileng a hana ho hoheloa ke mosali oa Potifaro ’me a re ho eena: “Nka etsa bobe boo bo boholo joang ’me ka fosetsa Molimo?” (Gen. 39:7-9) Josefa o ne a tseba se nepahetseng le se fosahetseng mahlong a Jehova. O ne a utloisisa hore na ke eng e ka utloisang Molimo oa hae bohloko. Ka lebaka leo, Josefa o ile a etsa qeto e nepahetseng. Haeba re thusa batho bao re ithutang Bibele le bona hore ba tsebe Jehova hantle le hore ba ithute hore na ke Molimo ea joang, le bona ba tla etsa liqeto tse mo thabisang.
MO RUTE HORE NA JEHOVA KE MOLIMO EA JOANG
8. U ka sebelisa buka ea U ka Thaba ka ho sa Feleng! joang ho thusa motho eo u ithutang Bibele le eena hore a tsebe Jehova?
8 U ka etsa’ng hore u rute motho eo u ithutang Bibele le eena hore a tsebe hore na Jehova ke Molimo ea joang? Jehova o ile a thusa Jobo hore a ithute ka eena haholoanyane ka ho mo botsa lipotso tse ka holimo ho 50! (Jobo 38:1–41:34) Le rona re ka botsa motho eo re ithutang Bibele le eena lipotso. Lipotso tse hlahang bukeng ea U ka Thaba ka ho sa Feleng! li etselitsoe ho mo thusa hore a tsoele pele a ithuta ka botho ba Jehova. (Sheba lebokose le reng “Lipotso Tse re Thusang ha re Ruta.”) Kahoo, sebelisa lipotso tsena ho mo thusa hore a tsebe Jehova.
9, 10. (a) Ke eng e ka thusang batho bao re ithutang Bibele le bona hore ba rue molemo ka ho felletseng ha ba bala Bibele? (Jakobo 5:11) (b) Fana ka mohlala oa kamoo tlaleho ea Bibele e ka re rutang ntho e thabisang Jehova le e sa mo thabiseng kateng.
9 Ha re ithuta Bibele le motho, li sa tloha feela re mo khothalletsa hore a qalelle ho bala Bibele letsatsi le letsatsi.a Re ka mo thusa joang hore a rue molemo ka ho felletseng ha a bala Bibele a le mong? Re ka ’na ra mo khothalletsa hore nako le nako ha a bala tlaleho ea Bibele a nahane ka hore na ke hobane’ng ha Jehova a e kenyellelitse ka Lentsoeng la hae le hore na e bontša makhabane afe a hae. Hlokomela kamoo morutuoa Jakobo a ileng a etsa seo ha a ne a bua ka pale ea Jobo. Jakobo ha aa ka a bua feela ka mamello ea Jobo, empa o ile a boela a bua ka makhabane a Jehova, a kang mosa le mohau.—Bala Jakobo 5:11.
10 Re batla hore batho bao re ithutang Bibele le bona ba bone kamoo tlaleho e ’ngoe le e ’ngoe ea Bibele e re rutang lintho tse thabisang Jehova le tse sa mo thabiseng kateng. Ka mohlala, mohlomong motho eo re ithutang Bibele le eena o sebelisa chate ea “Qalella ho Bala Bibele” e bukeng ea U ka Thaba ka ho sa Feleng! ’me o re bolella hore o khethile ho bala pale ea Daniele ha a le ka lemeneng la litau. Re ka ’na ra mo khothalletsa hore a nahanisise ka lipotso tse kang: ‘Ke hobane’ng ha Jehova a ile a pholosa Daniele? See se nthuta’ng ka lintho tse thabisang Jehova?’ (Dan. 6:10, 22) A ka boela a ipotsa: ‘Ho etsahetse’ng ka banna ba neng ba qosa Daniele? See se nthuta’ng ka lintho tse sa thabiseng Jehova?’ (Dan. 6:4, 5, 24) Qetellong, a ka nahana ka makhabane a mang a Jehova a hlahang tlalehong ena.—Dan. 6:26, 27.
11. Re ka thusa motho eo re ithutang Bibele le eena joang hore a nke thuto eo a e fumanang ea Bibele e le mpho e tsoang ho Jehova?
11 Rea thaba ha motho eo re ithutang Bibele le eena a ananela melemo eo a e fumanang ka lebaka la ho ithuta Bibele. Leha ho le joalo, re lokela ho mo thusa hore a bone hore Mohloli oa melemo ena ke Jehova, e leng Morupeli oa rona e Moholo. (Esa. 30:20, 21) Motho eo re ithutang Bibele le eena a ka ’na a re leboha ka lebaka la lintho tseo a ithutang tsona, mohlomong a ka ba a re rorisa ka lebaka la tsela eo re rutang ka eona. Le hoja liteboho tseo tse tsoang pelong li sa fosahala, re lokela ho leka ka matla hore re ise thoriso eo le kananelo ho Jehova.
MO THUSE HORE A SEBELISE TSEBO EO A NANG LE EONA
12, 13. Ho tseba Jehova ho ka thusa motho eo re ithutang Bibele le eena joang ha a thatafalloa ke ho utloisisa tlaleho ea Bibele? (Sheba setšoantšo.)
12 E le hore re rue molemo ka ho felletseng tsebong e nepahetseng, re lokela ho sebelisa lintho tseo re li tsebang. Joale, u ka thusa motho eo u ithutang Bibele le eena joang hore a sebelise seo a se tsebang? Ntlha ea pele, mo rute ho hopola lintlha tseo a li tsebang ka Jehova ha a bala tlaleho ea Bibele eo a utloang ho le thata ho e utloisisa. Ka mohlala, ha a ntse a bala ka likahlolo tse hlahang ka Bibeleng, a ka ipotsa hore na ke hobane’ng ha Jehova a ile a bolaea batho ba bang empa a tlohela ba bang. U ka thusa motho eo u ithutang Bibele le eena joang hore a utloisise taba ee hantle?
13 U ka mo khothalletsa hore a nahanisise ka lintho tseo a ithutileng tsona ka Jehova. Ka mohlala, u ka ’na oa re a ipotse lipotso tse kang, Jehova o ikutloa joang ka batho? (2 Pet. 3:9) O ile boholeng bofe e le hore a re pholose le hoja re le baetsalibe? (Baef. 2:4, 5) Na Jehova o fa batho ba se nang molato kotlo? Ka lehlakoreng le leng, na o lumella motho leha e le ofe ea lokelang ho fumana kotlo hore a se ke a e fumana? (Ex. 34:6, 7) Ka linako tse ling, tlaleho ea Bibele ha e re fe lintlha tse etsang hore re utloisise qeto ea Jehova haholoanyane. Leha ho le joalo, ha re hloke lintlha tseo. Re tseba Molimo oa rona, ’me re kholisehile hore o lula a etsa se nepahetseng.
Ruta motho eo u ithutang Bibele le eena ho hopola seo a se tsebang ka Jehova haeba a bala tlaleho ea Bibele eo a thatafalloang ke ho e utloisisa (Sheba serapa sa 12 le 13)
14. U ka thusa motho eo u ithutang Bibele le eena joang haeba ho e-na le mohoeletsi eo a sa utloaneng le eena hantle?
14 Nahana kamoo u ka thusang motho eo u ithutang Bibele le eena hore a sebelise tsebo eo a nang le eona ka Jehova. A re re motho eo u ithutang Bibele le eena o se a ea libokeng, empa ho na le mohoeletsi eo a sa utloaneng le eena hantle. Mohlomong mohoeletsi eo o mo utloisitse bohloko. Mo khothalletse hore a shebe kamoo Jehova a nkang bara le barali ba bo rona kateng. Ka mohlala, a ka ipotsa, Jehova o tetse eng ho bontša hore oa ba rata? (Joh. 3:16) Ho momahana joaloka Bakreste ho bohlokoa hakae ho eena? (Pes. 133:1) Jehova o ikutloa joang ha re loanela ho sireletsa bonngoe ba rona? (2 Bakor. 13:11) Thusa motho eo u ithutang Bibele le eena hore a bone hore na Jehova o thaba hakaakang ha re sheba lintho tse ntle tseo Bakreste-’moho ba li etsang ho e-na le ho sheba liphoso tsa bona.
15, 16. (a) Motho eo re ithutang Bibele le eena a ka etsisa Jesu joang ha a lokela ho etsa qeto ea bohlokoa bophelong? (Johanne 8:29) (b) Morali oa bo rona Marianne o ile a thusa motho eo a ithutang Bibele le eena joang hore a etse qeto e nepahetseng? (Sheba setšoantšo.)
15 Qetellong, u ka thusa motho eo u ithutang Bibele le eena hore a sebelise tsebo eo a nang le eona ka Jehova hore a etse liqeto tse nepahetseng. U ka ’na oa qala ka ho mo lebisa khaolong ea 35 bukeng ea U ka Thaba ka ho sa Feleng! e nang le sehlooho se reng “Re ka Thusoa Ke’ng ho Etsa Liqeto Tse Nepahetseng?” Haeba motho eo u ithutang Bibele le eena a rapetse a bile a entse lipatlisiso, empa a ntse a hloleha ho etsa qeto, u ka mo thusa joang? A ka ’na a ikutloa a ferekane ka lebaka la melao-motheo ea Bibele e mengata e buang ka taba eo. U ka mo khothalletsa hore a nahanisise ka mohlala oa Jesu. Jesu o ne a etsa liqeto joang? O ile a re: ‘Kamehla ke etsa lintho tse thabisang Ntate oa ka.’ (Bala Johanne 8:29.) Mo khothalletse hore a ipotse, ‘Ho latela lipatlisiso tseo ke li entseng le lintho tseo ke ithutileng tsona ka Jehova, ke qeto efe e tla mo thabisa?’ Qeto leha e le efe e thabisang Jehova e nepahetse.
16 ’Mè e mong ea lulang Chile ea neng a ithuta Bibele, o ile a lokela ho etsa qeto ea bohlokoa bophelong. Lelapa labo le ne le mo hatella hore a amohele mosebetsi o patalang chelete e ngata le hoja o ne o tla mo sitisa hore a ee libokeng. Morali oa bo rona Marianne ea neng a ithuta Bibele le eena, o re: “Ke ile ka mo khothalletsa hore a nahanisise ka kamoo qeto ea hae e tla etsa hore Jehova a ikutloe kateng. Na e tla etsa hore a thabe kapa a utloe bohloko? Ke ile ka boela ka mo khothalletsa hore a rapelle boemo ba hae ka ho toba ho Jehova ’me a shebe hore na o tla mo araba joang. O ile a hana mosebetsi oo ’me ka mor’a nako e seng kae, o ile a fumana mosebetsi o neng o mo lumella hore a khone ho ba teng libokeng.” Hlokomela hore ho e-na le hore Morali oa bo rona Marianne a bolelle motho eo a neng a ithuta Bibele le eena hore na a etse’ng, o ile a mo thusa hore a nahanisise ka lintho tseo a seng a ntse a li tseba ka Jehova.Kahoo, phihlelo ena ha ea matlafatsa kamano ea seithuti le Morali oa bo rona Marianne feela, empa e boetse e matlafalitse kamano ea seithuti le Jehova. Ha Morali oa bo rona Marianne a bua ka motho eo a ithutang Bibele le eena, o re: “O ithutile hore Jehova oa re tsotella haeba re beha borapeli ba hae pele bophelong ba rona.”
Thusa motho eo u ithutang Bibele le eena hore a etse liqeto tse thabisang Jehova (Sheba serapa sa 15 le 16)b
BATHO BA TSEBANG JEHOVA HANTLE BA TLA HLOHONOLOFATSOA
17. Ke ntho efe ea bohlokoa eo batho bao re ithutang Bibele le bona ba lokelang ho ithuta eona?
17 Batho bao re ithutang Bibele le bona ba ithuta lintho tse ngata tsa bohlokoa ha re ntse re ithuta le bona. Ka mohlala, ba ithuta lithuto tsa motheo tsa Bibele tse akarelletsang boemo ba bafu, sehlabelo sa tefo ea topollo le ’Muso oa Molimo. Ba boetse ba ithuta kamoo mokhatlo oa Jehova o hlophisitsoeng kateng, joaloka liboka, mosebetsi oo baholo ba o phethang le karolo eo Sehlopha se Busang se e phethang. Empa joalokaha re ithutile, re batla hore batho bao re ithutang Bibele le bona, ba se ke ba ithuta lintho tsena feela. Re batla hore ba tsebe Jehova hantle.
18. Ke litlhohonolofatso life tseo batho ba tsebang Jehova ba tla li fumana?
18 Re na le tokelo e kholo ea ho ruta batho ba bang hore ba tsebe Jehova. Le hona joale Jehova o hlohonolofatsa batho ba mo tsebang le ho mo rapela ka hore ba phele bophelo bo thabileng ka ho fetisisa mehleng ena. (Pes. 25:12-15) Nakong e tlang, kaofela ha rona ‘ba tsebang Molimo oa ’nete’ e leng Jehova, re tla thabela ho phela ka ho sa feleng. (1 Joh. 5:20) Empa ha ho felle moo. Bibele e re bolella hore bohle ba loanelang ho tseba Jehova le ho mo rata ba “tsejoa” ke eena (1 Bakor. 8:3) Molimo ea Matla ’Ohle oa re bona ebile o re nka re le metsoalle ea hae. Kannete ho tseba Molimo a le mong feela oa ’nete ke tlhohonolofatso e kholo!
PINA EA 84 A re Eeng
a Bukeng ea U ka Thaba ka ho sa Feleng! khaolong ea 5 tlas’a “Seo u ka se Etsang” ho thoe: “Qala ho bala Bibele kamehla o sebelisa chate ea ‘Qalella ho Bala Bibele.’”
b TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Setšoantšo sena se re thusa hore re nahane ka se ileng sa etsahala ha motho eo Morali oa bo rona Marianne a neng a ithuta Bibele le eena a ne a hana mosebetsi.