Batsoali, Fihlang Pelong ea Ngoana oa Lōna
“Mora oa ka, ha pelo ea hao e hlalefa, pelo ea ka le eona e tla thaba.”—Liprov. 23:15.
1, 2. (a) Takatso ea batsoali ba Bakreste ke efe, empa ntate e mong o ile a ikutloa joang? (b) Koetlisong ea ngoana, ho hlokahala ho finyelloe eng, hona hobane’ng?
BATSOALI ba Bakreste ba labalabela ho sireletsa bana ba bona linthong tse senyang boitšoaro. Ntle ho pelaelo uena, haeba u motsoali, u tšohile joaloka ntate oa Mokreste ea nang le bacha ba bane ea ileng a ngola: “Boitšoaro boo bana ba rōna ba talimaneng le bona bo ntse bo senyeha ho ea pele, ’me ka linako tse ling ho thata ho tsamaisana le mokhoa o mong le o mong o mocha oo lefatše le o nkang. Kamehla ke rapella hore ke tsebe ho ba thusa. Ke ba rata haholo.”
2 Empa ke hobane’ng ha ka linako tse ling, le kamor’a ho ea le eena libokeng tsa Bokreste le ho mo ruta boitšoaro ba Bibele, ngoana a ka ’na a ameha boitšoarong bo bobe ba botona le botšehali? Le hoja ho ithuta ka hlooho ho hlokahala pelo e nka karolo ea bohlokoa, haholo tabeng ea boitšoaro. Motsoali a ka etsa joang ho leka ho fihla pelong ea ngoana e le hore ‘e ka hlalefa’?—Liprov. 4:23; 23:15.
FUMANA MERERO EA PELO
3. Liproverbia 20:5 e bolela eng, ’me hona ho hloka bohato bofe ho batsoali?
3 Pele u ka fihla pelong, u tlameha ho fumana ka mokhoa o mong hore na ke eng e ka har’a eona. “Morero pelong ea motho e ka koetsa, ea nang le kelello o ea kha teng.” (Liprov. 20:5) Boikutlo ba sebele bo ka pelong ea ngoana bo tšoana le metsi a botebong ba seliba se tebileng. Mehleng ea Bibele, mekoti ea liliba tse ling e ne e tebile ka limithara tse 30, ’me batho ba ne ba tlameha ho theosa ka mehato ho ea ‘kha’ metsi. E ne e le mosebetsi oa sebele! Ho “kha’’ boikemisetso ba ngoana oa hao ho ka ’na ha e-ba boima joalo. Ho etsa sena ho hloka ho nahanela le temoho e matla. Ho ka ’na ha hloka tšebeliso e masene ea lipotso, tiisetso—ka linako tse ling ho utloisisa ha hao ho buisana le ngoana ka lihora pele boikutlo ba hae ba sebele bo ka hlahella. Ka ho hopotsa ngoana hore u fetile hona nakong e joalo, le hore le uena ha u-ua phethahala, le ka ho bula menyetla ea hore le ka ba babeli hammoho le ngoana ka linako tse ling, u tla mo nolofaletsa hore a tsoe ka litaba.—Jobo 33:5-7.
4. Ho ea ka Liproverbia 12:18, ke puo ea mofuta ofe e ka senyang puisano?
4 Empa lentsoe ‘le sa kang la nahanoa pele’ kapa polelo e ka senya. Ba bang ba bua ka ho se nahane, “joale ka tsenene.” Mantsoe a bona a utloisa bohloko ’me a baka karohano. Kahoo loanela hore u be le “pelo e ikhutselitseng” ha u hlile u mametse ka hloko. Mohlomong u ka hopola ka nako eo ka eona e mong a ileng a u buisa hampe kapa a tšeha boikutlo ba hao. Mohlomong o ile a re, ‘U tseba hantle hore na taba ke efe!’ Na u kile ua rata hore u ka itšeba le motho eo hape?—Liprov. 12:18; 17:27.
5. (a) Mocha o hloka taeo ea mofuta ofe? (b) Na batsoali ba bangata ba fana ka taeo ea mofuta oo?
5 Ha ngoana a fihla lilemong tsa bocha, litakatso tsa hae tsa botona kapa botšehali li ba matla haholo. Ngoana o hloka ho buisana le e mong ea ka hlalosang hore na ho etsahala eng ’meleng oa hae le ho arabela letoto le sa feleng la lipotso tse matla le tsa botho haholo. Empa phuputsong e ileng ea nkoa ka batsoali ba 1 400 ba nang le bana ba kenang bohlankaneng le boroetsaneng, karolo ea 92 lekholong ha ho mohla e buisanang le bana ba eona ka boitšoaro ba botona kapa botšehali. Tsela eo batsoali ba hotseng ka eona, meetlo ea naha, kapa tumelo ea hore puisano e joalo ha e hlokahale, ka linako tse ling li sitisa le bona batsoali ba Bakreste ho bontša hore ba na le ho hlokomela ho masene joalo. Lipuisano tsa mofuta oo ke tsa bohlokoa hakae?
6, 7. Ke habohlokoa hakae hore batsoali ba buisane ka boitšoaro ba botona le botšehali le bana ba bona?
6 Kamor’a ho buisana le malapa a ’maloa, moholo e mong oa Mokreste a fihlela qeto ea hore: “Hoa khahlisa hore na ho lateloa mohlala joang. Ho batsoali ba hlileng ba sebetsanang le botona le botšehali e sa le pele le ba ileng ba sebetsa ka matla ho buisana ka mokhoa o haufi le bana ba bona, liphello li bile ntle. Ho bao, ka mabaka leha e le afe, ba sa kang ba sebetsana le bothata qalehong, hangata liphello li bosula.”
7 Melemo ea lipuisano tse joalo e mengata. Pele, li ka sireletsa kelello ea ngoana boitsebisong ba bohata, le bo litšila boo a tla bo utloa hamorao. Sa bobeli, li ka haha hlompho bakeng sa batsoali le ho ba tšepa le ho rala motheo oa puisano e tla kenella lilemong tsa bocha. ’Me sa boraro, li ka nolofaletsa ngoana oa hao ho buisana le lōna ka lintho tse lekunutu haholo ho eena. Le teng, batsoali ba bangata ba ipotsa hore na ba ka qala joang ho bua ka taba ena e batlang e le lihlong ka mokhoa o itseng.
LAEA PELO
8. Lipuisano ka botona le botšehali li lokela ho qaleha kapele hakae?
8 Bohlokoa ba ho qala ho laea ngoana ho tloha bonyenyaneng ha ho hlokahale hore bo qapollisoe. Bana ba bangata ba lilemo li 10 le 11 ba ’nile ba e-ba baimana. Bafuputsi ba bang ba phehella hore puisano ka botona le botšehali e lokela ho theoa ka ho tiileng pele ngoana a ba lilemo li tšeletseng. Ho seng joalo ha ho mohla a tla finyelloa. Hangata, ka ho toba le ntle ho lihlong ha ho arabeloa lipotso tsa ngoana e monyenyane ntlheng ena ho lekane.a Leha ho le joalo, ngoana ea tlase lilemong ho hlokahala hore a lauoe ka hore na a ka laola litakatso tse joalo joang. Ho fihla pelong, taeo e tšoanela ho fetisoa ka mokhoa oa thuso e botsoalle, e seng joaloka qoso.
9. Motsoali o lokela ho leka ho kenya eng ka pelong ea ngoana, hona hobane’ng?
9 Jesu o itse: “Motho ea molemo o ntša litaba tse molemo letlotlong le molemo la pelo ea hae.” (Luka 6:45) Kahoo, ho fihla pelong ea ngoana oa hao ho hloka hore u kenye ka pelong eo e nyenyane lintho tsa bohlokoa—lintho tseo eena a tla arabela ho tsona ka boikutlo ba botho ’me a li baballe. Hobane’ng? E le hore “lintho tse molemo” li ka tsoa pelong eo.—Matt. 12:34, 35.
10, 11. Ka mehlala e bukeng ea Liproverbia, ho ka ithutoa eng ka ho fihla pelong ea ngoana nakong ea puisano ka boitšoaro ba botona kapa botšehali?
10 Taeo e fanoeng ka taba ena ho Liproverbia e fana ka mohlala o motle bakeng sa batsoali. E sebetsa boitšoaro ba botona kapa botšehali ka mokhoa o tobileng empa e le o hlomphehang. Hlokomela mokhoa o leka-lekaneng oo khaolo ea bohlano e atamelang taba ka ona. Ea laeang kapa motsoali ka mokhoa oa sebele o bua ka thabo ea likamano tsa botona le botšehali ’me haholo bohlokoa ba ho qoba boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali. Melomo ea seotsoa ho bonahala e “rothisa linotši” ha se batla ho eka monna. Empa liphello tsona—li “baba joale ka lengana” ’me li “hlaba joale ka lerumo le mahale a mabeli.” (tem. 3, 4) Joale, ea laeang oa Bibele o ama taba e matla haholo ka ho bontša mohlankana hore na a ka lahleheloa ke “bokhabane” ba hae joang ka boitšoaro bo joalo. (Tem. 9) Empa ena ha se puisano ea hore likamano tsohle tsa botona le botšehali ke sebe. O fana ka setšoantšo se setle hakaakang sa likamano tsa botona le botšehali lenyalong.—Tem. 15-19.
11 Motsoali ha a qose kapa ho nyefola mohlankana. Ho Liproverbia khaolo ea bosupa, o bolela liphihlelo tse ling ’me o sebelisa mantsoe a tobileng. (Liprov. 7:6, 7, 13, 17, 18) Ea laeang o sebelisa taeo e hlakileng—monna ea chesitsoeng ke takatso ea ekoang ke seotsoa o tšoantšoa le khomo e isoang hlabong, ’me ‘o hlajoa sebete ke lerumo.’ (Liprov. 7:22, 23) Mocha a ke ke lebala puo e tšoantšetsang joalo! Mohlala o lemosang joalo o bolokiloeng ka pelong o tla thusa mocha ho loana ka katleho le moleko. Motsoali ha a ka a bolela feela hore boitšoaro bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali bo phoso, empa a bolela hore na hobane’ng, a hlalosa liphello le ho bontša hore bacha ba ka ameha habonolo joang.
12, 13. (a) Tse ling tsa linako tseo motsoali a ka buisanang le ngoana oa hae ka boitšoaro ba botona le botšehali ke life? (b) Na u fumana linako tse ling tse tšoanelehang? (c) Hore ngoana a be le boitšoaro, na ho lekane ho kenya feela taeo e ntle pelong ea hae?
12 Batsoali ba bangata ba Bakreste ba ’nile ba e-ba le lipuisano tse joalo. Ba buisane ka makhetlo a mangata ha ho ka etsahala hore ho buisanoe ka taba ka mokhoa oa tlhaho, mokhoa o sa rereloang pele. E meng ea menyetla ena e bile ha ho ikhatholloa ka ho tsamaea, ha ho buisanoa ka ketsahalo e ’ngoe e bontšang bohlokoa ba boitšoaro bo loketseng, kamor’a hore ho buisanoe ka taba e joalo libokeng tsa phutheho, kapa ha lipuisano tsa bona tsa lelapa li sebetsana le taba. Ba bangata ba sebelisa buka Bocha ba Hao—ho Fumana se Molemohali ho Bonab ho ba thusa. Puisano e joalo e ne e se bonolo ka mehla, empa lerato la ’nete ho ngoana la susumetsa batsoali. Joaloka ha ’mè e mong oa ba bahlano a ile a lumela: “Ka iqobella hore ke bue ka hona ho fihlela ha ke se ke ikutloa ke phuthuloha, le eena ngoana.” Se ke ua tlohella ngoana oa hao a be bohlokong ba pelo bo boholo ka baka la ho haella ha “thuto e molemo” ntlheng ena e matla haholo.—Liprov. 4:2.
13 Empa, ho sa tsotellehe taeo eohle e molemo e ka kenngoang pelong ea ngoana, bohlanya le bona bo kene ka ho teba ho eona ka baka la boetsalibe bo futsitsoeng.—Pes. 51:5.
Khalemelo e Hloekisa Pelo
14. Khalemelo ke eng, ’me ke hobane’ng ha e le ea bohlokoa?
14 Ke eng e ka lelekang bohlanya pelong e nyenyane? “Thupa ea taeo,” ho ea ka Liproverbia 22:15. Khalemelo ke thuto e laeang kapa e otlollang. Ke ho tiea tabeng ka kutloisiso; kahoo ha e thibathibe kapa ho ‘khopisa’ ngoana, ka lithibelo tse se nang mabaka. (Ba-Ef. 6:4) Taeo ke ea bohlokoa ha ngoana oa hao a thea thahasello ea banana kapa bashanyana ho fapana le eena. Ho lumella ba babeli ho ba botsoalleng ha ba sa le banyenyane haholo hore ba ka nyalana ke ho mema tlokotsi.
15. (a) Ke boemo bofe bo khopisang batsoali ba bangata? (b) Likhaitseli tsa ngoanana oa Moshulame li ile tsa etsa joang ha eena le mohlankana oa hae ba batla ho ba hammoho moo ba leng thōko le ba bang?
15 Empa batsoali ba bangata baa botsa, ‘U tla etsa joang ha ba batla ho ba hammoho?’ Ka ho bonahalang ka tsamaiso kapa tumello ea batsoali ba bona, ha likhaitseli tsa moroetsana oa Moshulame ba fumana hore molisana oa mohlankana o batla ho tsamaea le khaitseli ea bona a le mong libakeng tse siretseng tsa lithaba, ba ho emisa! Ba nea ngoanana mosebetsi hore a be le seo a se etsang ka nako ea hae le ho arola bana ba babeli. Le hoja ba ne ba tšepa khaitseli ea bona, ba ne ba tseba matla a moleko. Na hona ho ile ha senya bophelo ba ngoanana? Ho fapana le moo, ho ile ha thusa banyalani hore ba lule ba hloekile ho fihlela ba nyalana hamorao.—Sef. sa Lif. 1:6; 2:8-15.
16. Batsoali ba bang ba entse joang ho sireletsa lipelo tsa bana ba bona?
16 Ho tiea ka mokhoa oo, hammoho le ho fana ka mesebetsi hore kelello ea ngoana e be le seo e se sebetsang, hoa hlokahala kajeno. Ntlheng ena, batsoali ba tlameha ho ba le temoho ea sebele le bohlale bo tsoang ho Molimo. (Liprov. 24:3) Ho thata haholo ho batsoali ho thiba boikutlo ba ngoana hang feela ha bo se bo ameha. Pele ba lumela ha ngoana oa bona a laetsana (moo hona ho amohelehang), batsoali ba Bakreste ba lokela ho nahana ka lilemo tsa ngoana, hore na o hōlile hakae maikutlong le tsoelo pele ea moea, hore na ke mang eo ngoana a batlang ho laetsana le eena le hore na ba rera ho etsa eng. ’Mè e mong eo morali oa hae ea lilemo li 19 a ileng a tlameha ho khaoloa ka boitšoaro bo bobe a botsoa hore na o ikutloa hore a ka be a ile a etsa joang ho hōlisa ngoana ka tsela e fapaneng. A arabela: “Nka be ke sa ka ka mo lumella ho ameha le bashemane likamanong tsa lerato ha a sa le tlase lilemong. Nka be ke sa ka ka nka hore o matla ka ho lekaneng hore a ka sebetsana le bothata ba hae.”
17, 18. (a) Na ba babeli ba rerang ho nyalana ba lokela ho teneha ha motsoali kapa e mong tlas’a taelo ea eo a sebetsa e le moalosi? (b) Ke eng seo mohlankana e mong a ileng a ithuta sona habohloko?
17 Batsoali ba bang ba ile ba lula fatše le ba babeli le ho ba hlalosetsa hore na ke hobane’ng ha ba ke ke ba ba lumella ho laetsana. Ka ho buisana ka taba le batsoali ba ngoana e mong, ho ka fumanoa thuso e eketsehileng. Motsoali e mong oa Mokreste ea nang le bana ba bane o itse: “Batsoali ba bangata ba nka hore litloaelano tsa banana le bashanyana li ‘ntle’ li bile lia ba khothatsa, le ho lumella lihlopha tsa bacha hore li tsoe hammoho ho se taolo ea motho e moholo. Hoo re ho bonang ke ‘ho ikarola ka bobeli,’ boitšoaro bo bobe le manyalo a tlang pele ho nako. Re khothalletsa bana ba rōna hore ba be le lerato la ho sebetsa mesebetsi ea ho itlosa bolutu le mesebetsi e meng e koetlisang ’mele e kang ho palama baesekele, ho thelelisa tseo ba ka li etsang ba le bang, le lelapa kapa le ba bang ba batona kapa ba batšehali joaloka bona.
18 Le haeba ba babeli ba le baholo bo lekaneng hore ba ka kena leferehong, ba thuse ho lokisetsa moalosi. Bakreste ba babeli ba neng ba lebelletsane hore ba ka nyalana haufinyane ba felloa ke ho ikalosa ’me ba kena ‘litšileng.’ (Ba-Gal. 5:19) Ha a hetla morao, mohlankana a lumela: “Ka nako e ngata re ne re e-na le moalosi. Empa makhetlo ao a ’maloa ha a ka a re ntša kotsi.” Bacha ba bang hamorao ba ile ba leboha batsoali ba bona ka ho ba tšoara ka thata le ka ho laola boithabiso ba bona, hobane ba ile ba lula ba hloekile ’me ba kena lenyalong ba sa ikoahlaee ka letho kapa ho ba le mehopolo e bosula. Ha merero ea ngoana oa hao e tšepahala, a ke ke a hloea khalemelo ea hao ea bomolimo hobane ke “tsela ea bophelo.”—Liprov. 6:23.
Thusa Ngoana Ho Haha Kamano Le Molimo
19. (a) Tšireletso e molemo haholo ho ngoana oa hao bakeng sa boitšoaro bo bobe ke eng, ’me ke eng e tla mo thusa hore a ntlafatse hoo? (b) Batsoali ba ka botsa lipotso life ka mohlala oa bona?
19 Tšireletso e khōlō boitšoarong bo bobe ke hore ngoana oa hao a ntlafatse kamano ea botho e haufi le Jehova. Le hoja e le ntho eo ngoana a lokelang ho iketsetsa eona, motsoali a ka thusa. Pele ho tsohle, mohlala oa hao oa boineelo o tla fana ka mohlala o phelang o ka etsisoang. Bao e bileng Bakreste lekholong la pele la lilemo Thessalonika ba bone seo Pauluse le metsoalle ea hae ba “bileng sona” ’me ba ‘fetoha baetsisi, ba hōlisa ‘kholiseho e matla’ joalo. (1 Ba-Thess. 1:4-6) Bana ba lōna ba le bona le le batho ba mofuta ofe? Na ba bona ‘kholiseho e matla’ ho lōna, ba hlokomela hore le haha bophelo bohle ba lōna ho potoloha boineelong ba lōna ho Molimo ’me le etsa boiteko bakeng sa borapeli ba hae? Na ba bona hore ka matla ha le rate boitšoaro bo bobe ka ho se fumane boithabiso ka se senyang boitšoaro? Na ba bona mohlala oa lerato ka tsela eo le tšoaranang ka eona le ho sebetsana le ba bang? Na ba utloa le bua ka Jehova ka tsela eo ka ho hlakileng e bontšang hore ke oa sebele ho lōna? Mohlala o joalo e tla ba khothalletso ho ngoana ho itella ho boloka molao oa Jehova. Ngoana oa lona o tla bona hore ho etsa joalo ke habohlokoa.
20. Ke eng se ka senyang phello ea thuto ea hao e ntle?
20 Hape, ka hore le alose haholo setsoalle sa bana ba lōna le ho ba khethela metsoalle e bontšang “kholiso e matla” ea moea, u khothalletsa boiteko ba hao. Ha ho letho le ka senyang mosebetsi oa hao ka potlako ho feta metsoalle e mebe ho bona—le haeba ena e fumaneha ka phuthehong ea Bokreste. Metsoalle e mebe joalo e ka senya boemo ba moea ba ngoana oa lōna ’me ea baka lekhalo pakeng tsa lōna.—Liprov. 13:20; Juda 3, 4, 12, 16, 19.
21. (a) Ho ea ka 1 Johanne 2:14, ke eng e fanang ka matla a moea ’me hona ho bea boikarabelo bofe ho batsoali? (b) Ke litlhahiso life tseo u nang le tsona bakeng sa ho boloka lithuto tse joalo ka mehla li thahasellisa?
21 Joaloka motsoali, u tlameha ho kholiseha ka matla a Lentsoe la Molimo, Bibele. Moapostola Johanne o boletse hore “bahlankana” ba matla moeeng, ka phuthehong eo a ileng a e ngolla ba ne ba “hlōtse e mobe” hobane ba “bolokile lentsoe la Molimo ka ho [bona].” (1 Joh. 2:14, phet. e ncha) Kahoo, ho phaella ho hōliseng moea o atamelaneng oa lelapa le ho bea mohlala o motle, batsoali ba bomolimo ba lokela ho lokisetsa hore Lentsoe la Molimo le ithutoe ka mehla ke lelapa e le hore molaetsa o ka teba ka botebo pelong ea ngoana. Banyalani ba bang ba ile ba shebella habohloko ho bona ba babeli ho bana ba bona ba bararo ba e-ba babe lilemong tsa bocha. Ntate, ea neng a ba hōliselitse ka lelapeng la Bokreste ho tloha bonyenyaneng, a lumela: Hoja ke ne ke e-na le monyetla oa ho ho etsa hape, thuto ea Bibele e ne e tla tla kamehla haholo ka lapeng. Ea rōna kamehla e ne e le ‘hlaa-hlaa-fethe.’ Kea tseba thuto ea ka mehla ea Bibele e ne e tla re kopanya hammoho haholoanyane joaloka lelapa le ho ba tiisa haholo moeeng.” Ka tokisetso e ntle ea batsoali, ho qojoa mokhoa o tloaelehileng le o sa sisinyeheng o fetohileng mokhoa haholo, le ho lekanya hantle thuto hore e lumellane le se hlokoang ke bana, puisano e tla lebelloa ’me e tla kopanya lelapa hammoho moeeng. ’Neteng, ka maima ’ohle a hlokang nako ea batsoali hona ha ho bonolo, empa habohlokoa ho feta bolelele ba lipuisano tse joalo ke ho tšoaneleha ha nako e sebelisoang hammoho. Ho phaella moo, ho hlokahala hore bana ba rutoe mekhoa e metle ea boithuto ba botho ea bona.—Deut. 6:4-9.
22. U ka ruta ngoana oa hao ho etsa lithapelo tse nang le seo li se bolelang joang?
22 Joalokaha ho ka bonoa ka phihlelo e leqepheng la 14, thapelo e haufi, le e tsoang botebong ba pelo e haha kamano e haufi le Molimo. Thusa ngoana oa hao ho ithuta ka bohlokoa ba thapelo le hore na a ka ‘tšollela pelo’ ea hae ho Jehova joang. (Pes. 62:8) Lumella hore ngoana oa hao a utloe lithapelo tsa hao tse tsoang botebong ba pelo. Buisanang ka hore na ke eng e ka akarelletsoang lithapelong tsa hae. Ka ho mo bolella hore na Jehova o arabetse lithapelo tsa hao joang le ka ho khothalletsa ngoana hore a shebelle likarabelo tsa tsa hae, ngoana o tla hlokomela hore thapelo e na le matla.
23, 24. (a) Ke hobane’ng ha ngoana a lokela ho rutoa ho tšaba Jehova? (b) Batsoali ba lokela ho sebetsa le bo-mang kamehla tšebeletsong ea tšimo, hona hobane’ng?
23 “Lekunutu la Jehova ke la ba mo tšabang,” kamoo ho ngotseng Morena Davida. (Pes. 25:14) Hore ngoana oa hao ka sebele a hōlise kamano e haufi le Molimo, o tlameha ho tšaba ka ‘tšabo e hahang liphello tse mpe tsa ho soabisa “Molimo o phelang.” (Ba-Heb. 10:31; Liprov. 8:13) Ke ’nete, ngoana o tlameha ho rata Jehova le ho ananela mosa oa hae o lerato le molemo ka ho tebileng, empa hape o tlameha ho hlompha ka ho molemo matla a Jehova ho otla kapa ho lumella motho ho ‘kotula seo a se jetseng.’ (Ba-Gal. 6:7) Haeba ‘tšabo’ ena e phelang e kenngoa ho tloha bongoaneng, ngoana o tla ba le letsoalo le letle. Ho e-na le ho nahana hore, ‘Ho lokile ha feela ke sa tšoaroe,’ o tla ikutloa ka tsela e tšoanang le ea Josefa, ea ileng a hanela ho ekoa ke boitšoaro bo bobe ’me a re: “Nka etsa joang bobe bo boholo hakaalo, ka siteloa Molimo na?”—Gen. 39:7-9.
24 Ka ho sebetsa hammoho tšebeletsong ea Bokreste, u tla thusa ngoana oa hao ho hlaolela thahasello eona e matla joalo bakeng sa batho eo Jehova a nang le eona. Ha ngoana a hōla kananelong, pelo ea hae e tla bona hore na e ka “ruisa ba bangata” joang ka ho ba ruta ‘litaba tse molemo’ ho ka hlahisang liphetoho tse molemo bophelong ba bona. Tšebeletso ena hape ke thuso e ntle ho hōliseng kamano e haufi le Molimo.—2 Ba-Kor. 6:10.
Ho Hlokahala Thuso e Fetang e Tloaelehileng
25, 26. (a) Ke hobane’ng ha thuso ea ‘matla a tlōlisang’ e hlokoa ke batsoali? (b) Thuso e joalo e tsoa hokae? (c) Ntate e mong o ile a etsa joang ha a nahana hore ‘o lahleheloa’ ke ngoana oa hae, ’me hamorao a hlokomela eng?
25 “Ha ho bonolo ho ba motsoali oa bacha,” kamoo ho boletseng ntate e mong oa Mokreste ea ileng a bolela ho tšoenyeha ha hae ka morali oa hae ea lilemo li 16 ea ikhethang har’a batho ea khatellong e khōlō ea bashemane sekolong. “Ke rapela moo ke leng mong hape le eena hangata—empa ke ntse ke tšoenyehile.” Ruri, a bona bohlokoa ba thuso ea Molimo e tla mo nea eena le morali oa hae “matla ao a tlolisang.”—2 Ba-Kor. 4:7.
26 Ka linako tse ling batsoali ba ka ikutloa hore ha ba na thuso ha ho bonahala hore boiteko bohle ba bona boa hlōleha. Empa u se ke ua tela! Ka baka la tsela ea boitherelo ea moshemane oa hae, ntate e mong oa Mokreste a lumela hore ntlheng e ’ngoe o ile a ikutloa hore o “lahlehetsoe” ke mora oa hae, eo a neng a mo hōliselitse thutong ea Bokreste ho tloha bongoaneng. “Ka khumama ka mangole le ho rapela ho fihlela likhapha li theoha sefahlehong sa ka, ’me ka kōpa Jehova hore a nthuse,” kamoo ho ileng ha bolela ntate enoa. “Jehova a arabela lithapelo tseo ’me moshemane a ’na a fetoha butle-butle. Ruri ka fetoha ea haufi le Jehova ha ke bona letsoho la hae le sebetsa lapeng la ka.” E, lebella thuso ho Jehova; mo tšepe. Rapela le bana ba hao le ho ba rapella. Bona letsoho la Jehova ha le sebetsa lapeng ha hao.—1 Ba-Thess. 5:17.
27. (a) Ke mang ea lokelang ho ngola molao oa Molimo pelong ea ngoana? (b) Lōna batsoali le ikutloa Joang ha ngoana oa lōna a bontša hore pelo ea hae e ‘hlalefile’?
27 Hlokomela hore ngoana qetellong o tlameha ho ngola melao ea Jehova pelong ea hae. (Bapisa Liproverbia 3:1-4.) Etsa sohle seo u ka se khonang joaloka motsoali ho fihla pelong ea ngoana oa hao. Ke moputso o mokaakang ho bona ngoana eo a tšepahala ’neteng! Ke lebaka le leholo hakaakang hore ‘pelo ea hao e thabe’ ha bana ba hao ba bontša hore lipelo tsa bona li ‘hlalefile’! (Liprov. 23:15) U tla tšoana le moapostola Johanne ea neng a ka re ka bana ba hae ba moea: “Ho ’na ha ho thabo e fetisang ena, ea ho utloa hoba bana ba ka ba tsamaea ’neteng.”—3 Joh. 4.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa litlhahiso tse qaqileng bakeng sa lipuisano tse Joalo, bona buka Making Your Family Life Happy, maqephe 122-124, hammoho le lihlooho “A Father Talks to His Sons,” le “A Mother Talks to Her Daughters,” tse hlahang ho Awake! ea June 8 le July 8, 1965.
b E hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
Ha u hlahlobuoa na u ka arabela lipotso tsee?
◼ Ha ho rutoa bana, ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho fihla pelong?
◼ Ke hobane’ng ha batsoali ba lokela ho bua ka litaba tsa botona le botšehali le bana ba bona?
◼ Tšireletso e khōlō haholo ea ngoana boitšoarong bo bobe ba botona le botšehali ke efe, ’me ke eng se tla thusa ho hōlisa tšireletso ee?
◼ Ngoana a ka rutoa ho etsa lithapelo tse nang le seo li se bolelang joang?
◼ Ke hobane’ng ha batsoali ba Bakreste ba lokela ho sebetsa ka mehla le bana ba bona tšebeletsong ea tšimo?
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 16]
‘Ha ho mohla batsoali ba ka ba neng ba buisana le ’na ka botebo ka botona le botšehali. Ke ne ke batla ho tseba lintho tse ngata haholo. Ka tlala bohele-hele haholo, booatla le ho ekeha habonolo.’—Ngoanana ea lilemo li 15
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Puisano pakeng tsa motsoali le ngoana ke ea bohlokoa haholo
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Ho sebelisa lithuto tsa ho ithuta Bibele, motsoali a ka laea ka mokhoa o phelisang ka botona le botšehali
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Ho kopanela hammoho tšebeletsong ea tšimo ho thusa ngoana oa hao moeeng