Mora ea Lilemo li Robong o Pholosa Lenyalo
NA HO feba ha monna ka lekhetlo la pele feela ho hloka hore ho hang mosali a mo hlale, leha a bile a bakile kannete? Mosali e mong o ile a nahana joalo, empa mora oa hae ea lilemo li robong a nahana kahosele.
Monna ea kolobelitsoeng ea nang le mosali ea ineetseng le bana ba banyenyane ba bararo o sa tsoa etsa bofebe. E ne e le ka lekhetlo la pele ’me a potlakela ho tsebisa baholo ba phutheho. A khothalletsoa hore a kōpe tšoarelo ho mosali oa hae ka hore le eena a mo tsebise. Mosali o ne a ikemiselitse haholo kamoo a neng a ferekane kateng ho qhala lenyalo. A bolella baholo ba neng ba sebetsa taba hore o entse qeto le hore o se a buisane le ’muelli oa molao oa hae. Baholo ba buisana le eena, ba bolela hore bana ba bararo ba sa le banyenyane haholo, e moholo ho bona a le lilemo li robong. Empa ho sa tsotellehe sena, o ne a ikemiselitse. Ka baka leo, monna a nyahama haholo ’me o ne a sa je. O ne a lla boholo ba nako.
Ho sa le joalo, bana ba tseba hore na ho ntse ho etsahala joang, ’me moshemane e moholo a etsa qeto ea hore o tla etsa ho hong ka hona. A lula fatše ho lokisa puo kapa seo a tla se bua ho ’m’ae. Ka ho ba teng libokeng Holong ea ’Muso, a hopola mangolo a mang hape le boitsebiso ba buka “Making Your Family Life Happy.” Joale o ne a loketse hantle hore a ka e hlanaka ho ’mè oa hae. A bitsetsa ’mè oa hae ka kamoreng ’me a lula le eena. Polelo ea hae ea pele e bile hore o utloile bohloko haholo le hore ha a rate ha lelapa labo le ka qhalana. Eaba o re: “Bona, ’Mè, seo Bibele e se bolelang ho Nehemia 9:17.” Hoba ’m’ae a bale temana eo, a re: “Na u bona kamoo Jehova e leng Molimo o sebetsang ka tsela e tšoarelang. ’Mè, na ha u nahane hore le uena u lokela ho tšoarela Ntate?” “Mohlomong,” ’m’ae a arabela joalo. Ruri o ne a ikemiselitse ho thusa ’m’ae hore a bone bohlokoa ba ho tšoarela.
Moshemane a boela a qotsa Ba-Efese 5:22, 23 a phea khang hore kaha ntate oa hae ke hlooho ea lelapa, ’mè o tšoanetse ho mo mamela. Hape, moshemane a supa ho Mattheu 6:11, 12. Hoba a bale litemana tsena tse peli, a botsa ’m’ae hore na lentsoe “melato” le bolela eng. A mo arabela ’me moshemane a mo phehella hore a tšoarele “melato ea Ntate.” A sebelisa Mangolo a mang a mangata ’me, qetellong, a botsa ’m’ae: “Na u lumela hore u ke ke ua tšoarela Ntate?” Ka thabo, karabelo ea e-ba, “E, ke tla ho etsa.”
Joale hang hape lelapa le kopane hammoho ka thabo. Mosali hamorao a bolela hore o thabile kamoo litaba li ileng tsa sebetsahala kateng ’me a bolela hore o ne a bona monna oa hae o hlile o bakile ’me o leka ka matla ho lokisa likamanong tsa lelapa. Kahoo, se sa kang sa hlahisoa ke lipolelo tsa ba bang, sa hlahisoa ke tsa moshemane ea lilemo li robong, ka tšebeliso ea Lentsoe la Molimo. Kannete, “[Jehova] u theile khanya ea hao ka molomo oa bana.”—Pes. 8:2.