Na Bibele e ka u Thusa Hore u Mamelle Maemo a Feteletseng a Leholimo?
Na u e mong oa batho ba limilione ba anngoeng ke maemo a feteletseng a leholimo? Maemo a kotsi a leholimo le tšenyo eo a e bakang a hlaha ka litsela tse sa tšoaneng. Hangata maholiotsoana le lifefo tse matla tsa mefuta-futa li baka likhohola kapa tšenyo e bakoang ke meea e matla. Lipula tse matla li ka baka ho theteha ha mobu, ’me lifefo li ka tsamaea le mahalima a bakang mello e senyang ea hlaha. Komello, mocheso o feteletseng le lifefo tsa mariha le tsona li ka baka tšenyo e tšabehang.
Libakeng tse ngata tsa lefatše, maemo a mabe a leholimo a bakang likoluoa a ntse a etsahala khafetsa ebile a mpefala le ho feta. Mokhatlo oa International Federation of Red Cross and Red Crescent Societies o tlaleha hore: “Palo ea batho ba anngoeng ke likoluoa le eona e ntse e eketseha, kaha likhohola, lifefo le komello li ntse li eketseha ’me li senya bophelo ba batho le lintho tseo ba iphelisang ka tsona, e leng se etsang hore batho ba limilione ba qetelle ba tlohile malapeng a bona selemo le selemo.”
Ha lintho tsena li etsahala, li utloisa batho bohloko ’meleng le kelellong. Ba ka ’na ba sithabetsoa ke ho lahleheloa ke lintho tseo ba nang le tsona, matlo a bona kapa esita le ho shoeloa ke baratuoa ba bona.
Haeba u anngoe ke maemo a feteletseng a leholimo, Bibele e ka u thusa hore u mamelle. E fana ka matšeliso, tšepo le likeletso tse sebetsang, tse thusitseng batho ba bangata haholo ba hlahetsoeng ke likoluoa tse bakoang ke maemo a mabe a leholimo. (Baroma 15:4) E boetse e araba lipotso tsa bohlokoa tse tšoenyang batho ba bangata tse reng: Ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse hore lintho tsee li etsahale? Na o mpha kotlo?
Molimo ha a otle batho ka maemo a leholimo a feteletseng
Bibele e ruta hore ha se Molimo ea bakelang batho mahlomola. E re tiisetsa hore “Molimo ha a lekoe ka lintho tse mpe ’me le eena ha a leke motho leha e le ofe ka tsona.” (Jakobo 1:13) Sena se bolela hore ha se eena ea bakang maemo a leholimo a feteletseng ao batho ba tobanang le ’ona kajeno.
Ke ’nete hore Bibele e tlaleha liketsahalo tseo ho tsona Molimo a ileng a sebelisa matla a tlhaho ho otla batho ba khopo. Empa liketsahalo tseo li fapane le maemo a leholimo a senyang a kajeno, a etsahalang ho sa lebelloa ’me a ama batho ba lokileng le ba khopo. Ho fapana le hoo, litlaleho tsa Bibele li bontša hore kamehla Molimo o ne a sireletsa batho ba se nang molato, a fana ka temoso esale pele a bile a hlalosa hore na ke hobane’ng ha a nka khato eo. Ka mohlala, Molimo o ile a hlalosa hore na ke hobane’ng ha a tlisa Moroallo lefatšeng lohle mehleng ea Noe, a fana ka temoso esale pele a ba a sireletsa Noe le lelapa la hae.—Genese 6:13; 2 Petrose 2:5.
E le hore u ithute ho eketsehileng ka hore na re tseba joang hore Molimo ha a otle batho ka likoluoa tsa tlhaho mehleng ena, bala sehlooho se reng “Bibele e Re’ng ka Likoluoa Tsa Tlhaho?”
Molimo o tsotella batho ba anngoeng ke maemo a leholimo a feteletseng
Bibele e bontša hore Jehovaa Molimo oa re tsotella ebile o re utloela bohloko. Nahana ka litemana tse latelang tse tšelisang.
Esaia 63:9: “Nakong ea mahlomola ’ohle a bona le [Molimo] o ile a hlomoha.”
See se bolela’ng? Jehova o utloisoa bohloko ke mahlomola a batho ba utloang bohloko.
1 Petrose 5:7: “Oa le tsotella.”
See se bolela’ng? Jehova o tsotella boiketlo ba hao.
Kaha Jehova oa re tsotella ebile o na le kutloelo-bohloko, seo se mo susumelletsa hore a re thuse. O re tšelisa ka ho re fa likeletso tse sebetsang tse hlahang ka Bibeleng le ka ho re fa tšepo ea ’nete ea hore nakong e tlang ho ke ke ha hlola ho e-ba le likoluoa tse bakoang ke maemo a leholimo.—2 Bakorinthe 1:3, 4.
Nakong eo maemo a leholimo a feteletseng a ke keng a hlola a e-ba teng
Bibele e re bolella ka tšepiso ea Jehova ea ho re fa “tšepo le bokamoso bo chabileng.” (Jeremia 29:11) Morero oa hae ke hore batho ba thabele bophelo lefatšeng paradeiseng, ba sa tšoha maemo a leholimo.—Genese 1:28; 2:15; Esaia 32:18.
Molimo o tla tlisa bokamoso boo a sebelisa ’Muso oa hae, e leng ’muso oa leholimo oo morena oa oona e leng Jesu. (Matheu 6:10) Jesu o na le bohlale le matla a ho thibela likoluoa tse bakoang ke maemo a leholimo. Ha Jesu a le lefatšeng, o ile a bontša hore o na le matla a ho laola maemo a leholimo. (Mareka 4:37-41) O tla busa ka kutloisiso le bohlale, a rute batho ho hlokomela tikoloho le ho phela ka tsela e sa e senyeng. (Esaia 11:2) Ha Jesu a se a busa, batho ba ke ke ba hlola ba angoa ke maemo a feteletseng a leholimo.
Mohlomong oa ipotsa, “Jesu o tla sebelisa matla a hae a ho laola maemo a leholimo neng?” E le hore u fumane karabo ea potso ena, bala sehlooho se reng, “’Muso oa Molimo o Tla Busa Lefatše Neng?”
Ho sebetsana le maemo a feteletseng a leholimo
Likeletso tsa Bibele li ka u thusa pele ho maemo a feteletseng a leholimo, nakong ea ’ona le ka mor’a ’ona.
Pele: Itokisetse ho nka khato kapele.
Seo Bibele e se buang: “Ea bohlale o bona kotsi ebe oa ipata empa ba se nang kelello ha ba ipate ebe ba fumana litholoana tse bosula.”—Liproverbia 22:3.
See se bolela’ng? Nahana esale pele ka likotsi tse ka bang teng e le hore u ka nka khato kapele ’me oa sireletsa lelapa la hao.
Se ileng sa etsahala: “Letsatsing leo re neng re baleha mollo, re ne re itokisitse. Re ne re nkile mekotla ea rona ea tšohanyetso, re nkile meriana ea rona le liaparo tsa rona. Batho ba bang bao re neng re e-na le bona ba ne ba tšohile haholo ebile ba sa khone ho nahana hantle. Empa rona re ne re e-na le ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e hlokang ’me ke motlotlo haholo ka seo!”—Tamara oa California, Amerika.
Ha a etsahala: Tsepamisa kelello linthong tsa bohlokoa ka ho fetisisa.
Seo Bibele e se buang: “Le haeba motho a e-na le lintho tse ngata haholo, bophelo ba hae ha bo hlahe linthong tseo a nang le tsona.”—Luka 12:15.
See se bolela’ng? Bophelo bo bohlokoa ho feta lintho tseo re nang le tsona.
Se ileng sa etsahala: “Ha Leholiotsoana le bitsoang Lawinb le senya ntlo ea rona, ke ne ke sa khone ho nahana hantle hore na ke lokela ho etsa’ng. Empa ntho eo ke ileng ka e etsa ke ho rapela Jehova Molimo ka tieo. Ke ile ka hlokomela hore re lahlehetsoe ke lintho tseo re neng re e-na le tsona feela, eseng bophelo ba rona.”—Leslie oa Philippines.
Ka mor’a moo: Nka lintho hanyane ka hanyane.
Seo Bibele e se buang: “Le ka mohla le se ke la tšoenyeha ka letsatsi le hlahlamang hobane letsatsi le hlahlamang le tla ba le matšoenyeho a lona.”—Matheu 6:34.
See se bolela’ng? U se ke oa tšoenyeha haholo ka mathata a hosane.
Se ileng sa etsahala: “Ka mor’a hore leholiotsoana le bitsoang Irma le tlatse ntlo ea ka ka metsi, ke ne ke lokela ho etsa liqeto tse ngata haholo ho feta leha e le neng pele ebile ke ne ke imetsoe haholo kelellong. Ke ile ka leka ho mamela keletso ea Bibele ea hore ke se ke ka tšoenyeha ka hore na ho tla etsahala’ng ka le hlahlamang. Ke ile ka hlokomela hore ka thuso ea Jehova, nka khona ho mamella lintho tse ngata ho feta kamoo ke neng ke nahana kateng.”—Sally oa Florida, Amerika.
E le hore u fumane lintlha tse ling tse ka u thusang, sheba sehlooho se reng, “U ka Etsa’ng Hore u Pholohe Nakong ea Koluoa?”
a Lebitso la Molimo ke Jehova.—Pesaleme ea 83:18.
b Le boetse le tsejoa e le Leholiotsoana Haima.