Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mrt sehlooho 28
  • Tšepo ea Sebele Bakeng sa Bokamoso bo Molemo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tšepo ea Sebele Bakeng sa Bokamoso bo Molemo
  • Lihlooho Tse Ling
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bibele e re fa tšepo efe?
  • Na tšepo eo Bibele e fanang ka eona ke tšomo feela?
  • Litšepiso tsa Bibele li tla phethahala joang?
  • Litšepiso tsa Bibele li tla phethahala neng?
  • Tšepo eo Bibele e fanang ka eona e ka u thusa joang hona joale?
  • Bibele e re Tšepisa Bokamoso bo Thabisang
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Bibele e re Tšepisa Bokamoso bo Thabisang
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Selelekela sa Thuto ea Bibele
  • Ke Hokae Moo U ka Fumanang Tšepo ea Sebele?
    Tsoha!—2004
  • U ka ba le Tšepo ka Selemo sa 2023—Bibele e Re’ng ka Taba Ee?
    Lihlooho Tse Ling
Bala Tse Ling
Lihlooho Tse Ling
mrt sehlooho 28
Banyalani le mora oa bona e monyenyane ba eme thabeng ba shebile noka.

Tšepo ea Sebele Bakeng sa Bokamoso bo Molemo

Na u nahana hore bokamoso bo tla ntlafala? Batho ba bangata ba leka ho lula ba e-na le tšepo ho sa tsotellehe mathata a mangata ao ba tobanang le ’ona. Empa na hoa utloahala hore re lebelle hore lintho li loke? E! Bibele e re fa tšepo ea sebele ka bokamoso.

  • Bibele e re fa tšepo efe?

  • Na tšepo eo Bibele e fanang ka eona ke tšomo feela?

  • Litšepiso tsa Bibele li tla phethahala joang?

  • Litšepiso tsa Bibele li tla phethahala neng?

  • Tšepo eo Bibele e fanang ka eona e ka u thusa joang hona joale?

Bibele e re fa tšepo efe?

Bibele e re batho ba kopana le mathata a boima. Leha ho le joalo, e tšepisa hore mathata ao a ke ke a lula a le teng ka ho sa feleng. Nahana ka mehlala e ’maloa.

  • Bothata: Ho hloka bolulo

    Seo Bibele e se buang: “Batho ba tla haha matlo ’me ba lule ho ’ona.”—Esaia 65:21.

    See se bolela eng? Batho ba tla ba le matlo a bona.

  • Bothata: Ho hloka mosebetsi le bofutsana

    Seo Bibele e se buang: “Sechaba sa ka se tla thabela mosebetsi oo se o etsang.”—Esaia 65:22.

    See se bolela eng? Batho kaofela ba tla etsa mesebetsi eo ba e thabelang le e khotsofatsang.

  • Bothata: Ho hloka toka

    Seo Bibele e se buang: “Likhosana li tla busa ka toka.”—Esaia 32:1.

    See se bolela eng? Ha ho sa na batho ba tla tšoaroa ka ho hloka toka ka lebaka la morabe kapa boemo ba bona ’me ha ho sa tla hlola ho e-ba le mofutsana. Batho bohle ba tla tšoaroa ka toka.

  • Bothata: Ho haelloa ke phepo le tlala

    Seo Bibele e se buang: “Ho tla ba le lijo tse ngata lefatšeng. Li tla ba ngata le holim’a lithaba.”—Pesaleme ea 72:16.

    See se bolela eng? Batho bohle ba tla ba le lijo tse ngata tse nang le phepo. Ha ho na motho ea tla haelloa ke phepo kapa a robale a lapile.

  • Bothata: Tlolo ea molao le mabifi

    Seo Bibele e se buang: “E mong le e mong o tla lula tlas’a sefate sa hae sa morara le sa feie. Ha ho na motho ea tla ba tšosa.”—Mikea 4:4.

    See se bolela eng? Batho bohle ba tla ikutloa ba sireletsehile hobane batho ba khopo ba tla be ba le sieo ’me “lefatše e tla ba lefa la ba lokileng.”—Pesaleme ea 37:10, 29.

  • Bothata: Ntoa

    Seo Bibele e se buang: “Sechaba se ke ke sa phahamisetsa sechaba se seng sabole, ha ba sa tla hlola ba ithuta ntoa.”—Esaia 2:4.

    See se bolela eng? Ho tla ba le khotso lefatšeng lohle. (Pesaleme ea 72:7) Ha ho na motho eo e tla ba mophaphathehi ka lebaka la ntoa kapa ea tla utloa bohloko hobane motho eo a mo ratang a bolailoe ntoeng.

  • Bothata: Maloetse le ho kula

    Seo Bibele e se buang: “Ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’”—Esaia 33:24.

    See se bolela eng? Ha ho sa tla ba le batho ba kulang kapa ba holofetseng. (Esaia 35:5, 6) Bibele e bile e tšepisa hore “lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng.”—Tšenolo 21:4.

  • Bothata: Ho senyeha ha tikoloho

    Seo Bibele e se buang: “Lefeella le sebaka se omeletseng li tla thaba le lehoatata le tla thaba ’me le thunye joaloka lipalesa tsa safrone.”—Esaia 35:1.

    See se bolela eng? Lefatše lohle e tla ba paradeise eo batho ba ka lulang ho eona feela joalokaha Molimo a ne a rerile qalong.—Genese 2:15; Esaia 45:18.

Na tšepo eo Bibele e fanang ka eona ke tšomo feela?

U ka ’na oa bona eka ho joalo. Leha ho le joalo, re u khothaletsa hore u hlahlobisise seo Bibele e se buang ka bokamoso. Hobane’ng? Hobane litšepiso tse ka Bibeleng li fapane hole le litšepiso tseo batho ba li etsang le lintho tseo ba hakanyang hore li tl’o etsahala. Litšepiso tse ka Bibeleng li tsoa ho Molimo. Hlokomela hore na ke hobane’ng ha re ka li tšepa:

  • Molimo oa tšepahala. Bibele e re Molimo ‘a ke ke a bua leshano.’ (Tite 1:2) Hape ke eena feela ea nang le bokhoni ba ho bolela lintho tse tla etsahala ka moso. (Esaia 46:10) Bibele e na le mehlala e mengata e bontšang hore lintho tseo e li buang li lula li phethahala. Bakeng sa lintlha tse eketsehileng, shebella video ea Re ka Tseba Joang Hore Bibele e Nepahetse?

  • Molimo o na le matla a ho rarolla mathata a rona. Bibele e re o na le matla a ho “etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a batlang ho e etsa.” (Pesaleme ea 135:5, 6) Ka mantsoe a mang, ha ho letho le ka mo sitisang ho phethahatsa litšepiso tsa hae. Hape o batla ho re thusa hobane oa re rata.—Johanne 3:16.

U ka ’na oa ipotsa: ‘Haeba Molimo o batla ho re thusa ebile o na le matla a ho re thusa, ke hobane’ng ha re ntse re hlaheloa ke mathata a mangata hakaale?’ Ho fumana karabo ea potso eo, shebella video e reng Ke Hobane’ng ha Molimo a sa Felise Mathata?

Litšepiso tsa Bibele li tla phethahala joang?

Molimo o tla sebelisa ’Muso oa hae o leholimong ho phethahatsa litšepiso tsa hae. O khethile Jesu Kreste hore e be Morena oa ’Muso oo ’me o mo file matla a ho hlokomela lefatše le batho ba phelang ho lona. Ha Jesu a le lefatšeng, o ile a folisa ba kulang, a fepa ba lapileng, a laola maemo a leholimo a ba a tsosa le bafu. (Mareka 4:39; 6:41-44; Luka 4:40; Johanne 11:43, 44) Ka ho etsa joalo, o ne a bontša hore na o tla etsa’ng ha e se e le Morena oa ’Muso oa Molimo.

Shebella video ea ’Muso oa Molimo ke Eng? ho ithuta hore na ’Muso oa Molimo o tla u tsoela molemo joang.

Litšepiso tsa Bibele li tla phethahala neng?

Haufinyane. Re ka kholisoa ke eng? Bibele e boletse esale pele liketsahalo tse neng li tla bontša hore ’Muso oa Molimo o se o le haufi le ho busa lefatše. (Luka 21:10, 11) Liketsahalo tseo lia phethahala hona joale.

Ho ithuta haholoanyane ka taba ena, bala sehlooho se reng “’Muso oa Molimo o Tla Busa Lefatše Neng?”

Tšepo eo Bibele e fanang ka eona e ka u thusa joang hona joale?

Mongoli e mong oa Bibele o ile a bapisa tšepo eo Bibele e re fang eona le “ankora.” (Baheberu 6:19) Feela joalokaha ankora e tsitsisa sekepe nakong ea sefefo, tšepo eo Bibele e fanang ka eona bakeng sa bokamoso e ka re thusa hore re lule re tsitsitse ha re tsukutloa ke mathata. Tšepo eo e ka re thusa hore re lule re tsitsitse kelellong le maikutlong ea ba ea re thusa hore re lule re phetse hantle ’meleng.—1 Bathesalonika 5:8.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela