Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2026)
Tswa
Kena
Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
O a Amohelwa
Ena ke thulusi ya ho etsa dipatlisiso dikgatisong tsa Dipaki Tsa Jehova ka dipuo tse sa tshwaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Kajeno

Laboraro, la 15 April

Le ratane.—Joh. 15:12.

Batho ba Jehova ba rata ho thusana. (2 Bakor. 8:4) Le ha ho le jwalo, ka dinako tse ding ho hlokahala hore motho a be sebete e le hore a etse jwalo. Ka mohlala, ha ho eba le ntwa, baholo ba a hlokomela hore bara le baradi ba bo rona ba hloka ho kgothatswa le ho tshehetswa. Hape ba a hlokomela hore ba hloka dingolwa, Bibele, dijo, diaparo le moo ba ka dulang teng. Ka lebaka la ho rata dinku, baholo ba beha bophelo ba bona kotsing e le hore ba ka fana ka thuso e hlokahalang ho bara le baradi ba bo rona maemong a jwalo, ho bohlokwa hore re mamele tataiso e le hore re ka dula re momahane. Re lokela ho mamela tataiso e tswang ofising ya lekala. (Baheb. 13:17) Baholo ba lokela hore kgafetsa ba ikgopotse ditaelo tsa hore na ba lokela ho itokisa jwang bakeng sa dikoduwa le hore na ba etseng ha dikoduwa di hlaha. (1 Bakor. 14:​33, 40) Eba sebete empa o be hlokolosi. (Diprov. 22:3) Nahana pele o nka qeto. O lokela ho etsa bonnete ba hore o bolokehile. Itshetlehe ka Jehova. Hopola hore Jehova o batla hore wena le bana beno le bolokehe. Ka hoo, a ka o thusa hore o ba thuse ka tsela e bolokehileng. w24.07 4 ¶8; 5 ¶11

Ho Hlahlobisisa Mangolo Ka Mehla—2026

Labone, la 16 April

Ha ke le mathateng ke ile ka bitsa Jehova, . . . a nkutlwa ha ke lla ke kopa thuso.—Pes. 18:6.

Morena Davida o ne a tseba Jehova hantle ebile o ne a mo tshepa. Ha Morena Saule le dira tse ding tsa Davida ba ne ba batla ho bolaya Davida, Davida o ile a rapela Jehova mme a mo kopa hore a mo thuse. Ka mora hore Modimo a arabe thapelo ya hae mme a mo pholose, Davida o ile a re: “Jehova o a phela.” (Pes. 18:46) Davida ha a ka a bua mantswe ao ho bontsha feela hore Modimo o teng. Buka e nngwe ya dipatlisiso e re Davida o ne a kgodisehile hore Jehova ke “Modimo ya phelang ya dulang a thusa bahlanka ba hae.” Dintho tse ileng tsa etsahalla Davida di ile tsa etsa hore a tsebe hore Modimo wa hae o a phela mme di ile tsa etsa hore a ikemisetse ho sebeletsa Jehova le ho mo rorisa. (Pes. 18:​28, 29, 49) Ha re kgodisehile hore Jehova ke Modimo ya phelang, seo se ka re thusa hore re mo sebeletse ka tjheseho. Re tla ba le matla a ho mamella mathata hape re tla ikemisetsa ho tswela pele re sebetsa ka thata tshebeletsong ya hae. Re tla boela re ikemisetse ho dula re le haufi le Jehova. w24.06 20-21 ¶3-4

Ho Hlahlobisisa Mangolo Ka Mehla—2026

Labohlano, la 17 April

Le se ke la dumella mang kapa mang ho le kgelosa ka tsela le ha e le efe.—2 Bathes. 2:3.

Re ka ithuta eng mantsweng ao moapostola Pauluse a ileng a a ngolla Bathesalonika? Haeba re utlwa ntho e sa dumellaneng le seo re ithutileng sona ka Bibeleng kapa ha re utlwa mabarebare a makatsang, re lokela ho ba le temoho. Dira tsa rona tsa Soviet Union ya pele, di ile tsa fa bara ba bo rona lengolo leo e neng eka le tswa ntlokgolo. Lengolo leo le ne le kgothaletsa ba bang ba ba bara ba bo rona hore ba iketsetse mokgatlo o mong o ikemetseng. E ne e eka lengolo leo le tswa ntlokgolo empa bara ba bo rona ba tshepahalang ha ba a ka ba thetswa. Ba ile ba hlokomela hore molaetsa wa lengolo leo o ne o sa dumellane le dintho tseo ba di rutilweng. Mehleng ena, ka dinako tse ding batho ba sa rateng nnete ba sebedisa marangrang ho re ferekanya le ho re arola. Ho ena le hore ‘re dumelle dikelello tsa rona hore di ferekanngwe habonolo,’ re ka itshireletsa ka hore re nahanisise ka hloko hore na dintho tseo re di utlwang kapa tseo re di balang di dumellana le nnete eo re ithutileng yona kapa tjhe.—2 Bathes. 2:2; 1 Joh. 4:1. w24.07 12 ¶14-15

Ho Hlahlobisisa Mangolo Ka Mehla—2026
O a Amohelwa
Ena ke thulusi ya ho etsa dipatlisiso dikgatisong tsa Dipaki Tsa Jehova ka dipuo tse sa tshwaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela