Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2027)
Tswa
Kena
Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
O a Amohelwa
Ena ke thulusi ya ho etsa dipatlisiso dikgatisong tsa Dipaki Tsa Jehova ka dipuo tse sa tshwaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Kajeno

Labohlano, la 16 October

Le se ke la dumella dipelo tsa lona ho kgelohela ditseleng tsa mosadi eo. Le se ke la hlahlathella ditseleng tsa hae.—Diprov. 7:25.

Tlaleho ena ya Solomone e bontsha ntho e ka etsahallang morapedi ofe kapa ofe wa Jehova. A ka nna a etsa sebe se tebileng ebe ha morao o re taba ena e etsahetse hanghang. Kapa a re o bone feela a se a entse sebe. Empa haeba a ka nahana hantle hore na ho etsahetseng, o tla hlokomela hore o ile a etsa diqeto tse seng bohlale pele a etsa sebe seo se tebileng. Mohlomong o ile a etsa setswalle le batho ba sa rateng Jehova, kapa e ka nna yaba boithabiso boo a ileng a bo kgetha, diwebsaete tseo a ileng a kena ho tsona kapa dibaka tseo a ileng a ya ho tsona di ne di sa lokela Mokreste. Mohlomong o ne a se a sa rapele, a sa bale Bibele, a sa ye dibokeng kapa tshimong. Jwalo ka mohlankana eo ho buuwang ka yena ho Diproverbia, o ile a etsa sebe se tebileng ka mora hore a etse diqeto tse ngata tse seng bohlale. Re ithutang tabeng ee? Ha re a lokela ho qoba sebe ka bosona feela empa re lokela ho qoba le mehato e ka etsang hore re qetelle re entse sebe. Solomone o ile a hlalosa ntlha ena hang ka mora hore a bue ka tlaleho ya mohlankana le mosadi ya boitshwaro bo bobe.—Mat. 5:​29, 30. w24.07 16 ¶10-11

Ho Hlahlobisisa Mangolo Ka Mehla—2026

Moqebelo, la 17 October

Re fuwe mosebetsi ona o ikgethang le hoja re tshwana feela le dijana tsa letsopa tse tshetseng letlotlo le kgethehileng.—2 Bakor. 4:7.

Ke mosebetsi ofe oo? Ke mosebetsi o pholosang bophelo ba batho wa ho bolela molaetsa wa Mmuso. (2 Bakor. 4:1) Dijana tsa letsopa di emelang? Di emela bahlanka ba Modimo ba bolellang batho ba bang ditaba tse monate. Mehleng ya Pauluse, batho ba rekisang ba ne ba sebedisa dinkgo tsa letsopa ho tsamaisa dintho tsa bohlokwa jwalo ka dijo, veine le tjhelete. Ka tsela e tshwanang, Jehova o sebedisa rona hore re etse mosebetsi ona wa bohlokwa wa ho bolela ditaba tse monate. Jehova o tla re thusa hore re be le matla a ho bolela molaetsa wa hae. Ka dinako tse ding re ka tshaba ho hanyetswa ke batho. Keng e ka re thusang ha re ikutlwa ka tsela eo? Ako nahane ka thapelo eo baapostola ba ileng ba e etsa nakong eo ba neng ba laelwa hore ba kgaotse ho bolela ditaba tse monate. Ho ena le hore ba tshohe, ba ile ba kopa Jehova ka thapelo hore a ba thuse hore ba nne ba bolele ka sebete sohle. Jehova o ile a arabela thapelo ya bona hanghang. (Dik. 4:​18, 29, 31) Ka dinako tse ding ho tshaba ho hanyetswa ke batho ho ka etsa hore re tshwenyehe, ha seo se etsahala re ka kopa Jehova hore a re thuse hore re rate batho e le hore re se ke ra tshaba ho ba bolella ditaba tse monate. w24.04 16-17 ¶8-9

Ho Hlahlobisisa Mangolo Ka Mehla—2026

Sontaha, la 18 October

Ntate wa rona ya mahodimong, lebitso la hao le halaletswe.—Mat. 6:9.

Re batla ho halaletsa lebitso la Jehova hobane re a mo rata. Taba ena e etsa hore re batle ho bolella batho hore mashano a matala ao Satane a a buileng ka Jehova ha se nnete. (Gen. 3:​1-5; Jobo 2:4; Joh. 8:44) Ha re bolela ditaba tse monate re bontsha hore re batla ho bolella batho bohle ba ikemiseditseng ho re mamela hore na Jehova ke Modimo ya jwang. Re batla ho bolella batho bohle hore Jehova o lerato ebile o busa ka tsela e lokileng le e nang le toka le hore Mmuso wa hae o tla fedisa mathata ohle le ho etsa hore re be le kgotso mme re thabe. (Pes. 37:​10, 11, 29; 1 Joh. 4:8) Ha re bolella batho dintho tsena ka Jehova, re halaletsa lebitso la hae. Hape re a thaba hobane re etsa seo re lokelang ho se etsa jwalo ka ha re le Dipaki Tsa Jehova. w24.05 18 ¶12

Ho Hlahlobisisa Mangolo Ka Mehla—2026
O a Amohelwa
Ena ke thulusi ya ho etsa dipatlisiso dikgatisong tsa Dipaki Tsa Jehova ka dipuo tse sa tshwaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela