Pako e Khutlisetsang ho Molimo
“Molemo oa Molimo o u khannela pakong.”—Ba-Roma 2:24.
1, 2. Re lokela ho ananela eng ka sebe le pono ea Molimo?
E MONG le e mong ho rōna a ka khothatsoa ke mantsoe a mopesaleme Davida:
“Jehova o mohau, o lereko,
o lieha ho halefa, o ruile mehauhelo e mengata.
Ha a ka re etsa kamoo libe tsa rōna li leng kateng,
ha a ka a re putsa ka moputso oa makhopo a rōna.
Joale ka ha ntat’a motho a hauhela bana ba hae,
Jehova o hauhela joalo ba mo tšabang.
Hobane o tsebisisa ho bopjoa ha rōna,
o elelloa hoba re lerōle feela.”—Pes. 103:8, 10, 13, 14.
2 Le hoja Molimo o hlokomela hore re baetsalibe kaofela ha rōna, o rata ho re thusa ’me o utloisisa ho tšoarela. (Pes. 32:1, 2) Kutloisiso ea rōna ka Molimo, leha ho le joalo e tla ba e sa nepahalang haeba re sa amohele pono eohle ea hae ka hore na sebe ke eng. Le hoja Pesaleme ea 103 e re tiisetsa hore Jehova ‘o tšoarela makhopo ’ohle a rōna,’ hape e bontša tlameho ea rōna, e re: “Empa mohau oa Jehova o hlola o le teng ka mehla le mehla ho ba mo tšabang, . . . ba bolokang selekane sa hae, ba elellong litaelo tsa hae ho li phetha.”—Pes. 103:3, 17, 18.
3. Ke hobane’ng ha pako e hlokahala?
3 Ha motho a etsa sebe se tebileng, a sa bake ’me a batla mohau oa bontate oa Molimo, empa a phehella ho etsa sebe, joale ho etsahala joang? Exoda 34:6, 7 e re hlalosetsa Jehova. Hoba e hatise mohau oa hae, ho lieha ho halefa ha hae le ho utloisisa ha hae ho tšoarela litšito, e-ea phaella! “O sa latoleng molato oa motho ea nang le oona.” (Bapisa Numere 25:1-5; Ezekiele 33:12, 13.) Kahoo, ha rea lokela ho bapala ka mohau oa hae kapa ho o nka ka tloaelo. Morapeli oa ’nete o lokela ho etsa joang haeba a ka oela sebeng?
HO NKA MEHATO E KHUTLELANG HO MOLIMO
4. Re fumana tšoarelo joang? (2 Likron. 7:13, 14)
4 Mokreste ea sitetsoeng molao oa Molimo ho hlokahala hore a tšoareloe. Ke mang ea ka etsang hoo? Bonneteng, ke Molimo feela. Moapostola Johanne o ile a ngola: “Ha re ipolela libe tsa rōna [ho Molimo], Molimo oa tšepeha, o lokile, hore o re tšoarele libe ’me o re hlatsoe bokhopo bohle.”—1 Joh. 1:9; 2:1.
5, 6. Jakobo 5:14-16 e elelletsa eng. ’me ke hobane’ng ha ho utloahala hore mofosi a latele keletso ee?
5 Tabeng ea sebe se tebileng, ka bohlale Molimo o eletsa hore Mokreste ‘ea bolelang sebe sa hae’ o lokela ho nka bohato bo bong hape. Tabeng eo ka ho totobetseng e buang ka ho kula moeeng e amang “sebe,” morutuoa Jakobo o ngolile: “E mong har’a lōna ha a baba, a bitse baholo ba kereke, ’me ba mo rapelle, . . . ’Me thapelo e entsoeng ka tumelo e tla pholosa mobabi, ’me Morena o tla mo tsosa liphateng; ’me ekare ha a entse libe, o tla tšoareloa tsona.”—Jak. 5:14-16.
6 Bohato bona ke bo utloahalang, hobane Mokreste ea ineetseng sebeng se tebileng o bontša ho fokola moeeng le ho hloka hore o thusoe. A ka fumana molemo ka lithapelo tsa tumelo tsa “baholo ba kereke.” Hape, ba boemong ba ho fana ka keletso ea Bibele le thuso e le hore a ka boetse a fumana matla a moea. Ho feta moo, litšito tse ling li lekana le libe tse siteloang phutheho ea Bokreste, kaha li tlisetsa batho ba Molimo thohako le masoabi. Hona ho bile ho ho etsa ho loketseng haholo hore moetsalibe ea joalo a batle thuso ea baholo.—2 Ba-Kor. 2:10.
7. Baholo ba hlokomelisoa ka phoso joang e le hore ba ka thusa? (Liprov. 28:23; 29:24)
7 Ho bontša bohlale le boikokobetso ka lehlakoreng la Mokreste ea molato oa sebe se tebileng hore a atamele baholo ka boeena. “Ea patang melato ea hae a ke ke a hlohonolofala; empa ea e bolelang, a e bakela, o tla fumana mohau.” (Liprov. 28:13) Ka linako tse ling, ka baka la ho soaba, ho ikutloa molato kapa ho haelloa ke ho soaba ho tloha pelong moetsalibe ha a atamele baholo, joalokaha Jakobo a eletsa. Mokreste ofe kapa ofe ea hlokomelang ka sebe o lokela ho khothalletsa mofosi hore a furalle phoso ea hae ’me a batle thuso ea moea eo a e hlokang. Haeba mofosi a ntse a sa ee ho baholo, Mokreste e mong o lokela ho ba hlokomelisa, e le hore ba ka fana ka thuso e hlokahalang. Bakreste bohle ba lokela ho batla ho ‘khutlisa moetsalibe tseleng ea hae e fosahetseng’ ’me kahoo ‘ba pholose moea oa hae lefung.’—Jak. 5:19, 20.
HO NYATSA KA LENTSOE LA MOLIMO
8. Baholo ba tsoela pele joang ha ba sebetsa seboka sa komiti?
8 Ha komiti ea boahloli e kopana ka phoso, ka thapelo e batla tataiso ea Jehova. Ka mokhoa o lokelang balisa ba lerato, baholo ka sebete ba buisana le motho hore na ho bonahala bothata kapa phoso e le hokae. (Ba-Ef. 5:1, 2; 1 Pet. 5:2, 3) Le haeba ho le teng lipaki tse pakang hore phoso e etsahetse, komiti ea boahloli e khothalletsa motho hore ka mokhoa o tobileng a se ke a bolela phoso feela empa hore na ke eng e entseng hore e etsahale le hore na o ikutloa joang ka eona. (Deut. 19:15; Joh. 8:17) Hona ke habohlokoa hobane’ng?
9, 10. Komiting e mametseng phoso, baholo ba loanela ho etsa joang? (Pes. 51:13)
9 Le hoja baholo ba mametseng taba ba paka hore molato o teng kapa ba kholisa motho ka phoso, thahasello e ka sehloohong ea bona ke ho thusa ngoan’abo bona ea khelohileng. Ba batla ho mo susumelletsa pakong e le hore ‘khatholoho e ka tla e tsoa ho Jehova.’ (Lik. 3:19, NW) Haeba motho a sa lumele phoso, a sa hlokomele hore na e tebile hakaakang kapa a sa bone hore hoa hlokahala hore a bake, ba tla tlameha ho hlahisa bopaki ‘bo kholisang ka sebe sa hae le ka ho loka.’ (Bapisa Johanne 16:8.) Empa ha ba nyatsa ka tsela ea bomolimo joalo ha baa lokela ho ba le boiphetetso kapa ba khopisa. Bibele e-ea phehella: “Nyatsa, khalemela, khothatsa, u ntse u ruta ka mamello eohle.” (2 Tim. 4:1, 2, Phet. e ncha) Ka hore ka sebete, ka tieo le ka mosa ho nyatsuoe, ba ka tseba ho fihla pelong ea moetsalibe, ba mo thusa hore a hloee bobe ’me a sokolohele ho Molimo.—Jer. 3:12, 13.
10 Re ka ithuta ka mohlala oa Esdrase. O ile a bontša Bajode phoso ea bona ka ho hlakileng. Taba-taba e ne e se ho ba hlabisa lihlong, empa ho ba etsa hore ba tlohele, ho fihla lipelong tsa bona, ho ba susumelletsa hore ba hloee phoso ’me ba bake. Ho hlokahala hore ba ipolele ho Jehova le ho itšoara tumellanong le seo ho etsa se matleng a bona ho etsolla phoso ea bona. (Esdrase 10:7-14) Ka ho tšoanang, komiti e sebetsang taba ea sebe se tebileng, e batla ho thusa mofosi ho bona botebo ba phoso le ho utloa pelong ea hae bohlokoa ba pako.—Esa. 1:18.
‘NYATSANG MAHLONG A BOHLE’
11. Ke bo-mang ba hlokang ho nyatsoa ka Mangolo?
11 Mabapi le liboka tsa boahloli le bafosi, baholo ba sebelisa mantsoe a moapostola Pauluse ho Timothea: “Ba entseng sebe u ba khalemele [u ba nyatse] mahlong a bohle, e le hore ba bang bohle ba tle ba tšabe.” (1 Tim. 5:20, Phet. e ncha) Bafosi bana ke batho ba ‘phehelletseng sebeng’ (Revised Standard Version) kapa ‘ba tsoelang pele sebeng’ (New American Standard Bible) ho tla fihlela nakong eo ba nyatsuoang ka eona.
12. Komiti ea boahloli e sebelisa keletso e ho 1 Timothea 5:20 joang?
12 Lekholong la pele la lilemo, Timothea, e le moromuoa ea filoeng matla ke moapostola Pauluse, o ne a ka phetha taelo eo e ngotsoeng e le eena ‘mahlong a bohle’ ba amehang, le mofosi a le teng. Kajeno ho nyatsa ho joalo hangata ho etsoa ke komiti e khethiloeng ea baholo ho e-na le motho a le mong. Ha ho hlokahale hakaalo-kaalo hore ho akarelletsoe phutheho eohle. Ho ea qetellong ea seboka sa komiti ea boahloli, ha ho fumanehile hore kannete molato o teng, baholo ba nyatsa ka Mangolo se etsahetseng. Ba tla beng ba le teng ke lipaki tse neng li paka sebe, ‘me batho ba joalo ba nang le tsebo ba memeloa ho utloa ha ho nyatsuoa ka Bibele. Ka tsela eo ho nyatsuoa ‘mahlong a bohle.’ Bana, bao e leng “bohle” ba boleloang ho 1 Timothea 5:20, kahoo ba ka thusoa hore ba be le tšabo e ba phelisang mabapi le sebe, ba bone bohlokoa ba ho qoba sebe le maemo a ka isang ho sona.
NA O BAKILE?
13. Ke phephetso efe e talimaneng le baholo ba sebetsanang le sebe se tebileng?
13 E ’ngoe ea lintho tse phephetsang ka matla ho baholo ba sebetsang linyeoe tsa ho fosa ke ho lekanyetsa hore na moetsalibe o bontša pako ea ’nete kapa che. Ha baa lokela feela hore ba ahlole ka se bonahalang mahlong. Kahoo, kaha ba sitoa ho bala lipelo, ho hlokahala hore ba be le temoho e matla, ba tsitse le ho ba bohlale ha ba lekanyetsa phoso, hore na e amana joang le molao oa Molimo le hore na moetsalibe o re’ng kapa o etsa’ng.
14, 15. Ke hobane’ng ha baholo ba lokela ho ba hlokolosi ho rera hore na motho o bakile kapa che?
14 Baholo ha baa lokela ho potlakela ho fihlela qeto ea hore pako e teng. Hobane’ng? Haeba ho ka etsahala hore ka phoso ba ahlole hore moetsalibe o bakile, hoo ho ka ba le phello e senyang mohlape kaofela mohlomong. Empa ka kōpo bapisang mohlala oa Bibele o amang mofosi phuthehong ea Korinthe. Hoba a lelekoe ka nakoana, o ile a khutlisetsoa ka baka la ho baka kannete. Joale baena ba ne ba tla mo sebetsa joang? Bakorinthe, ba tšepile kahlolo ea hore o fela a bakile, ka mosa ba khothalletsoa ho “mo rekolohela le ho mo tšelisa,” ‘ba ’montse lerato la bona.’ (2 Ba-Kor. 2:6-8) Ho joalo le kajeno ha komiti e fihlela qeto ea hore mofosi o bakile. Empa haeba ba lobile litaba ’me ba khutliselitse ka phuthehong mofosi ea neng a sa baka kannete, ba tla be ba beile kotsing bohloeki ba boitšoaro ba moea ba mohlape kaofela.—1 Ba-Kor. 5:6.
15 Komiti e ka sheba eng ho lekanyetsa hore na ruri mofosi o bakile? Motho ea bakileng ha a leke ho bebofatsa kapa ho lokafatsa tsela ea hae e mpe. Kelellong ea hae o hlokomela ho fosahala ha seo a se entseng ’me pelong ea hae ka ho tebileng o ikoahlaea ka matla ka hore ebe o sitetsoe Molimo. (Jer. 3:25; Lik. 3:19) Ke kahoo baholo ba sebetsang nyeoe ba lokelang ho tiisa hore boikoahlaeo bo joalo kapa tšoabo e teng.
16, 17. (a) Phapang ke efe pakeng tsa “ho soaba ka mokhoa oa lefatše” le “ho soaba ka mokhoa o ratoang ke Molimo”? (Ba-Heb. 12:16, 17) (b) Likhapha kapa boikutlo ba botho li ka ama kahlolo ea baholo joang?
16 Baholo ba tlameha ho khetholla pakeng tsa “ho soaba ka mokhoa oa lefatše” le ‘ho soaba ka mokhoa o ratoang ke Molimo ho hlahisang pako e pholosang.’ (2 Ba-Kor. 7:10) Motho ea molato oa ho fosa a ka ’na a ikutloa a soabile ka baka la ho hlōleha ha botho a ba le lihlong ke hore o talolehile kapa a ikutloa a aperetsoe ke botšo ha a nahana hore a ka ’na a tlameha ho lauoa. Empa “ho soaba ka mokhoa oa lefatše” joalo ha ho bolele hore o soabetse hore o sitetsoe Molimo kapa hore o tliselitse Molimo le batho ba Oona thohako, e leng lintho tseo e leng pontšo ea “ho soaba ka mokhoa o ratoang ke Molimo.” Le hoja Esau a ile a tšolla likhapha ka baka la ho lahleheloa ke tokelo ea hae ea boholoane, Jehova o ne a tseba hore Esau ha a baka ho tloha pelong. Kahoo, haeba motho ea molato oa phoso e tebileng a tšolla likhapha, baholo ba lokela ho lekanyetsa hore na hona ho tsoaloa ke “ho soaba ka mokhoa o ratoang ke Molimo” kapa che. Ho ka ’na ha e-ba joalo. Mehleng ea Esdrase batho ba ne ba “lla habohloko” kamorao ho ho utloa thapelo ea hae e tiileng e amanang le libe tsa bona, le Petrose o ile a lla ka bohloko ka hore o latotse Jesu.—Gen. 25:29-34; 27:34; Esdrase 10:1; Luka 22:59-62.
17 Mehlala ena ea Mangolo e hatisa hore na ke hobane’ng ha baholo ba ke ke ba ahlola feela ka se hlahisoang ka boikutlo ba botho. Batho baa fapana kahehong ea bona ea boikutlo ba botho le hore na ba ka bo laola joang; Kahoo le haeba likhapha li le teng kapa che, ntho ea bohlokoa ke hore mofosi a amehe pelong, ho ba le moea oa kutlo-bohloko kapa boikoahlao bo matla ka hore ebe o khopisitse Jehova le hore o sentse kamano ea hae le Molimo. (Pes. 51:1-4) Ka ho loketseng, baholo ba tla lokela ho botsa hore na mofosi ka thapelo o kile a ipolela ho Jehova, a batla tšoarelo ea Jehova, joalokaha ho ile ha etsa Davida.—Pes. 32:3-5; 41:4; Jer. 31:19.
18. Ho ipolela ho kena joang tabeng?
18 Haeba mofosi ka boithatelo a ile a ipolela ho ‘baholo ba phutheho,’ hoo e ka ba pontšo e thusang ka hore na boemo ba pelo ea hae ke bofe. (Jak. 5:14, 16) Ho thoe’ng, he, haeba a sa ka a ipolela ka boithatelo ’me taba e ile ea tlameha hore e totobatsoe ka hore a thulanngoe le bopaki ba lipaki? (Hona moo sebokeng) a ka ’na a fihleloa, a lumela sebe sa hae. (Hlokomela mohlala oa pako ea Davida ka sebe sa hae le Bathe-Sheba, 2 Samuele 12:1-13.) Empa, haeba ho ile ha tlameha hore ho nyatsoe ka matla pele mofosi a qala ho bontša pako leha e le efe, ke hona moo komiti e lokelang ho ba hlokolosi haholo. Ba tla tlameha ho kholisoa ka pelo e seng e fetohile ea mofosi le hore o chesehela ho lokisa phoso le hore ho hang o ikemiselitse ho e qoba nakong e tlang.—2 Ba-Kor. 7:10, 11; Tšen. 3:19.
19. Mofosi ea bakileng o lokela ho ikutloa joang ka phutheho?
19 Mofosi o lokela ho soabela tlontlollo eo a e tliselitseng phutheho ea Molimo. Ha Davida a sitoa ka ho bala sechaba ’me a hlokomela seo a se entseng, a lumela ketso ea hae ea booatla. Eare joale ha a bona liphello tse mpe holim’a sechaba kaofela, a susumeletseha hore a re: “ Bona, ke ’na ea entseng hampe; nku tseo tsona li entse’ng?” (2 Sam. 24:10, 17) Kahoo, he, na mofosi o bontša tšoabo ea ’nete ka thohako, mathata le masoabi tseo a li tliselitseng phutheho?
“MESEBETSI E TŠOANELANG PAKO”
20-22. (a) Ke “mesebetsi” efe, kapa “litholoana,” tse tla hlahlojoa ke baholo? (b) Bontša kamoo ea bakileng a ka beang “litholoana” tse joalo.
20 Moapostola Pauluse o ile a phehella batho “hore ba bake, ba sokolohele ho Molimo, ba ntse ba etsa mesebetsi e tšoanelang pako.” (Lik. 26:20) Eitse ha Bajode mehleng ea Nehemia ba bakela hore ba nkile basali ba balichaba, ba ile ba nka bohato bo tiileng bo ileng ba bontša pako. (Neh. 9:1, 2; bapisa Jonase 3:5-10.) Ka baka leo, ha ho sebetsanoa le taba ea sebe se tebileng, baholo ba tla thahasella ho bona hore na mofosi o ‘beile litholoana tse tšoanelang pako.’—Matt. 3:8.
21 Haeba a ne a sitetsoe motho ea itseng, na o ipoletse ho motho eo le ho kōpa tšoarelo? Ka mohlala, tabeng ea bofebe, na o ipoletse ho molekane oa hae ea seng molato ’me a kōpa tšoarelo? Kapa haeba ea fositseng a le molato oa bolotsana, na ho na le bohato boo a bo nkileng ho lokisa taba? Maemong a mang a ka ’na sitoa ho etsolla tšenyo eohle eo a e entseng, empa na o fana ka bopaki bo utloahalang ba hore ho tla nkoa bohato ba ho lokisa tšenyo leha e le efe? (Luka 19:8) Taba ke hore, ke ho isa ntlheng efe motho ea molato a beileng ‘litholoana tse tšoanelang pako’?
22 Mohlomong sebe se hlahisitsoe ke ho hlokomoloha keletso ea Mangolo. Ka mohlala, mohlomong o ’nile a kopanela ka mehla le balefatše bao a sebetsang le bona, ’me botsoalle bona bo sa haheng ba isa boitšoarong bo bobe. Kahoo, na mofosi o khaotse setsoalle seo? (Liprov. 13:20; 1 Pet. 4:3, 4) Hape, na o entse boiteko ba hore a kopanele ka mehla le batho ba Molimo, ’me na o bontšitse takatso e tlohang pelong ea ho roka Molimo e le morapeli oa hae ea hloekileng? Ha ho le e ’ngoe ea “litholoana” tsena eo ha e le ’ngoe eo e leng bopaki ba ho lekanyetsa hore moetsalibe o bakile. Baholo ba tla ameha ka hore o ba le botsoalle bo hahang, a be teng libokeng tsa Bokreste le ho cheseha tšebeletsong ea tšimo, hobane ba amohela maikutlo a Molimo a hore ho tlameha ho be le “mesebetsi e tšoanelang pako.”
23. Komiti e lokela ho nahana eng ka taba ea sebe se phetaphetoang?
23 Komiti ea boahloli e lokela ho ameha haholo ka ho boloka phutheho e hloekile ’me ba be hlokolosi haholo haeba mofosi ka lekunutu a ’nile a tsoela pele ka sebe se tebileng ka nako e telele. Ho ka ba joalo haeba ba sebetsana le motho ea neng a na le mokhoa oa boetsalibe ’me ha bonahala a bakile. Ka makhetlo a mangata mohlomong o ile a fosa empa kaha o ile a bonahala a bakile o ile a nyatsuoa feela nako e ’ngoe le e ’ngoe ’me a lumelloa ho lula ka phuthehong. Joale o se a sitiloe hape. Mabakeng a joalo baholo, ba boetse ba hopotse boiketlo ba mohlape kaofela, ba tlameha ho nahana hore na bophelo ba hae bo fana ka bopaki ba hore o bea “litholoana tse tšoanelang pako.” Na ka tsela eo a phelang ka eona ha a bontše hore hoa belaetsa hore na e hlile ke oa phutheho ea Molimo?—Pes. 119:104; Ba-Roma 12:9.
24. Ke eng se lekanyetsang hore na ho ka boetse ha kopanoa hape le mofosi? (Hos. 5:4; Matt. 21:30)
24 Ka linako tse ling moetsalibe o manganga kapa o thatafetse, a sa bontše pako ea ’nete ho sa tsotellehe boiteko bo tiileng le bo sebete ba baholo. (Moek. 8:11) Ha baa tlameha ho ’na ba kopana ka makhetlo le mofosi ea joalo joalokaha eka baa “mo rapela” kapa ba leka ho mo qela hore a bake. Empa mabakeng a mang ba ka ’na ba ikutloa ba hloka ho kopana hape le moetsalibe, haeba bopaki bo amanang le boikutlo ba hae, sepheo le pako bo sa hlaka hantle. Kamor’a hore a fumane nako ea ho rapela le ho nahana ka puisano ea nakong e fetileng ea Mangolo, taba ea pako ea hae e ka hlakisoa.
25. Ke hobane’ng ha baholo ba e-na le boikarabelo bo boima tabeng ea ho fosa?
25 Boikarabelo ba baholo ba ho lekanyetsa hore na pako e teng ke bo boima. Ba lokela ho bontša mohau le ho thusa bafosi ba bakileng kannete. Empa hape ba lokela ho ikalosa qenehelong e sa lokelang e ka isang “tomosong” e kotsi ka phuthehong.—Ba-Gal. 5:9.
HO THUSA PHUTHEHO
26. Linyeoe tse ling li ka sebetsoa joang haeba e le ba seng bakae feela ba tsebang ka phoso?
26 Mabakeng a mang sebe se tebileng mohlomong ha sea tsejoa ke ba bang, ’me ba ke ke ba se tseba. Mohlomong ke batho ba seng bakae, ba kang lelapa le haufi kapa lipaki tse seng kae, ke bona ba hlokomelang sebe. (Bana, le hoja e le ‘bohle ba shebelletseng,’ ba lokela ho hlokomela hore e ka ba ho hloka lerato ho seba ka taba.) Kahoo, hang ha komiti ea boahloli e tiisa hore mofosi o bakile, ha ho hlokahale hore taba e ka phatlalatsoa ho feta moo, hobane ‘bohle’ ba utloile nyatso ea Mangolo tabeng, ’me moetsalibe o bakile.
27, 28. Ke neng ho ka bang molemo hore phutheho e tsebisoe hore ho na le ea nyatsitsoeng?
27 Mabakeng a mang, sebe se ka tsejoa ke ba bangata ka phuthehong mohlomong le eona komiti. Kapa sebe e ka ’na ea e-ba seo ntle ho pelaelo se tla tsejoa ke bohle kamor’a nako. Taba e joalo e lokela ho sebetsoa ka mokhoa o fapaneng. Phutheho eohle e lokela ho phomotsoa [maikutlo] ka hore na taba e sebelitsoe ka nepo na. Hape, e ka fumana molemo keletsong ea Mangolo e ka ba thusang hore ba be le hona ho tšaba sebe ka mokhoa o molemo.
28 Kapa ho ka ba taba eo ho eona baholo ba ikutloang hore ho tlameha hore ho hlokomeloe ka tsela eitseng. Ka mohlala, le hoja hona joale a bakile kannete, mofosi mohlomong nakong e fetileng o ile a bontša bofokoli bo itseng ho lekanyetseng ho qoba tsela e isang sebeng. Kahoo ka ho ameha ka hore phutheho e se beoe kotsing ke e mong ea har’a eona ea ka fetohang tšusumetso e silafatsang, komiti ea baholo e ka ’na ea fihlela qeto ea hore puo e laeang ea Mangolo ho hlokahala hore e fanoe.
29, 30. (a) Baholo ba tla tsebisa phutheho joang? (b) E meng ea melemo ea ho sebetsa taba ka tsela ena ekaba efe?
29 Leha e le ho bofe maemong ana, baholo ba phutheho ba ka lokisetsa ho sebetsana le boemo sebokeng sa beke sa beke le beke sa tšebeletso, e seng sebokeng se seng sesele. Sebokeng sa tšebeletso ho ka phatlalatsoa hore eo e neng e le mofosi o nyatsitsoe ke komiti ea boahloli ’me o bontšitse pako. Hape, komiti ea boahloli e ka ’na ea ikutloa ho hlokahala ho bea lithibelo tse itseng. Tsena li ka akarelletsa ho se fuoe karolo libokeng, ho se emele phutheho ka thapelo kapa, mohlomong, ho se bale mangolo kapa ho se hlalose libokeng. Haeba komiti e beile lithibelo, ba ka tsebisa baholo hore na ebe ba ikutloa hore sena se ka tsebisoa phutheho. Lithibelo tse joalo li ka ’na tsa tlosoa ka bonngoe kamoso.
30 Mantsiboeeng ona ao, empa hamoraonyana lenaneong la seboka sa tšebeletso moholo ea ho abetsoeng a ka fana ka puo e tiileng ea Mangolo. A se ke a bolela mofosi ka lebitso kapa hona ho senola lintlha tse qaqileng tsa boitsebiso ba lekunutu tse ileng tsa hlahela leseling sebokeng sa komiti ea boahloli. Empa a ka bua ka se boleloang ke Lentsoe la Molimo ka mofuta oa phoso kapa sebe se amehang tabeng ena, kotsi ea eona le hore na e ka qojoa joang. Phutheho eohle e ka fumana molemo keletsong e lerato ea Mangolo.—2 Tim. 4:1, 2.
31. Re lokela ho ikutloa joang ka pono ea Molimo ea pako?
31 Bohle re lokela ho ananela ka botebo ho ithatela ha Jehova ho amohela pako ea rōna ea ’nete. Ruri re se ke ra ’nkela mohau oa Molimo lefeela.’ (2 Ba-Kor. 6:1) Haeba motho e mong a ka etsa joalo, a ineela sebeng ’me a sa bake, Molimo o laela phutheho hore e nke mehato e matlanyana. Ho tla sebetsana le eona tokollong ea rōna e tlang.
[Lebokose le leqepheng la 28]
U ITHUTILE ENG KA PAKO?
Ha re etsa sebe se tebileng, ho hlokahala hore re ipolele ho Molimo hape le ho sebelisa keletso e Lentsoeng la hae ho batla thuso ea “baholo.”
Sebokeng sa komiti ea boahloli, baholo ba batla ho tiisa hore molato o teng le ho loanela ho thusa mofosi hore a bake.
Sebokeng sena, ‘ho nyatsa mahlong a bohle’ ho akarelletsa ba teng e le lipaki kapa ba tsebang ka sebe.
Motho ea bakileng kannete o amehile ho fihla pelong ka hore o sitetsoe le ho rohaka Molimo le batho ba Oona.
Baholo ba tla batla ho bona bopaki ba ‘mesebetsi e tšoanelang pako.’
Le hoja e thahasella ho thusa mofosi, hape komiti e amehile ka ho sireletsa phutheho litšileng.