Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • O Tlatsa ‘Lipelo Tsa Rōna ka ho Phethahetseng’
    Molula-Qhooa—2013 | July 1
    • Na ehlile Jehova o oa re tsotella, kapa ha a na taba le mahlomola ao batho ba tobanang le ’ona lefatšeng lee? Bibele e araba potso eo ka tsela e khothatsang. Ehlile Molimo o tsotella batho ebile o batla hore re thabele bophelo. Letsatsi le letsatsi o bontša batho melemo ea hae e mengata—esita le ba se nang teboho. Ak’u nahane ka mantsoe a moapostola Pauluse.—Bala Liketso 14:16, 17.

      Ha Pauluse a bua le batho ba motse oa Lystra ba neng ba sa rapele Molimo, o ile a re: “Melokong e fetileng [Molimo] o ile a lumella lichaba tsohle ho tsoela pele litseleng tsa tsona, le hoja, ka sebele, a sa ka a itlohela ntle ho bopaki ka hore o ile a etsa se molemo, a le fa lipula tse tsoang leholimong le linako tse behang, a tlatsa lipelo tsa lōna ka ho phethahetseng ka lijo le ho hlasimoloha ho molemo.” Mantsoe ao a ne a bolela’ng ho batho ba neng ba mametse Pauluse?

  • O Tlatsa ‘Lipelo Tsa Rōna ka ho Phethahetseng’
    Molula-Qhooa—2013 | July 1
    • Jehova o re fa bolokolohi ba ho ikhethela. Hlokomela hore Jehova o ile a lumella Balichaba hore ba ‘tsoele pele litseleng tsa bona.’ Buka e ’ngoe ea litšupiso ea bafetoleli ba Bibele, e re polelo eo e ka bolela “ho iketsetsa kamoo ba ratang kateng” kapa “ho etsa kamoo ba bonang ho le molemo kateng.” Jehova ha a qobelle motho leha e le ofe hore a mo rapele. O re file bolokolohi—e leng bokhoni ba ho ikhethela hore na re batla ho phela joang.—Deuteronoma 30:19.

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela