-
Molimo o Batla Hore re Phele Bophelo bo Joang?U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
-
-
KHAOLO EA 25
Molimo o Batla Hore re Phele Bophelo bo Joang?
Bibele e re batho ba phela bophelo bo ‘bokhutšoanyane le bo tletseng likhathatso.’ (Jobo 14:1) Na ke tsela eo Molimo a neng a batla hore re phele ka eona? Haeba ha ho joalo, morero oa hae ke ofe ka rona batho? Na morero oa hae o tla ke o phethahale? Fumana likarabo ka Bibeleng.
1. Jehova o batla hore re phele bophelo bo joang?
Jehova o batla hore re phele hamonate. Ha a qeta ho bopa batho ba pele, e leng Adama le Eva, o ile a ba beha serapeng se setle sa Edene. Ka mor’a moo, “Molimo a ba hlohonolofatsa ’me Molimo a re ho bona: ‘Atang le ngatafale le tlale lefatše ’me le le buse.’” (Genese 1:28) Jehova o ne a batla hore ba be le bana, ba etse lefatše lohle paradeise ’me ba hlokomele liphoofolo. O ne a batla hore batho kaofela ba phele hamonate ba sa kule le hore ba phele ka ho sa feleng.
Le hoja re sa phele ka tsela eo Molimo a neng a batla hore re phele ka eona,a o ntse a batla hore nakong e tlang re phele hamonate. (Esaia 46:10, 11) O ntse a batla hore batho ba mo mamelang ba phele ka ho sa feleng maemong a matle.—Bala Tšenolo 21:3, 4.
2. Ke joang re ka lulang re thabile hona joale?
Jehova o re bopile re e-na le tlhoko ea ho batla ho tataisoa ke eena, ke kahoo re batlang ho mo tseba le ho mo sebeletsa. (Bala Matheu 5:3-6.) O batla hore re be metsoalle ea hae, re “tsamaee litseleng tsohle tsa hae le ho mo rata” ’me re mo sebeletse ka ‘lipelo tsohle tsa rona.’ (Deuteronoma 10:12; Pesaleme ea 25:14) Haeba re etsa joalo, re tla thaba le hoja re e-na le mathata. Ha re sebeletsa Jehova, rea thaba hobane re phela ka tsela eo a e batlang.
ITHUTE LINTLHA TSE LING
Ithute ka lerato leo Jehova a ileng a re bontša lona ha a ne a bopa lefatše le ka seo Bibele e se rutang ka morero oa hae ka batho.
3. Jehova o batla hore batho ba phele hamonate
Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.
Ke hobane’ng ha Molimo a ile a bopa lefatše?
Bala Moeklesia 3:11 ebe le buisana ka potso e latelang:
U ithuta’ng ka Jehova temaneng ee?
4. Morero oa Jehova ha o e-s’o fetohe
Bala Pesaleme ea 37:11, 29 le Esaia 55:11 ebe le buisana ka potso e latelang:
Re tseba joang hore morero oa Jehova ka rona ha o e-s’o fetohe?
Ntlo e senyehileng e ka lokisoa. Ka tsela e tšoanang, Molimo o tla lokisa lefatše molemong oa batho ba mo ratang
5. Ho sebeletsa Jehova ho etsa hore re thabe
Ho tseba hore na re phelela’ng ho ka etsa hore re thabe. Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.
Taba ea hore ’mè Terumi o ne a tseba hore na o phelela’ng e ile ea mo thusa joang?
Bala Moeklesia 12:13 ebe le buisana ka potso ena:
Re ka bontša joang hore re ananela lintho tse ngata tseo Jehova a re etselitseng tsona?
MOTHO A KA ’NA A RE: “Re phelela’ng?”
U ka mo araba joang?
KAKARETSO
Jehova o batla hore re thabele ho phela ka ho sa feleng maemong a matle mona lefatšeng. Ha re sebeletsa Jehova ka lipelo tsohle tsa rona, re ka lula re thabile le hona joale.
Re Ithutile’ng?
Jehova o ne a batla hore Adama le Eva ba phele bophelo bo joang?
Re tseba joang hore morero oa Molimo ka batho ha o e-s’o fetohe?
Ke’ng e ka u thusang hore u lule u thabile?
BATLA
Ithute hore na ke hobane’ng ha o ka kholiseha hore serapa sa Edene se ne se le teng.
“Serapa sa Edene —Na ke ’Nete Kapa ke Pale e Iqapetsoeng?” (Molula-Qhooa, January 1, 2011)
Ithute hore na ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore lefatše le tla lula le le teng.
Hlokomela hore na Bibele e re re phelela’ng.
Hlokomela hore na ntate e mong o ne a se na eng bophelong le hoja a ne a nahana hore o na le ntho e ’ngoe le e ’ngoe.
a Khaolong e latelang, u tla ithuta hore na bothata bo qalile hokae.
-
-
’Muso oa Molimo ke Eng?U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
-
-
2. Jesu o busa le bo-mang?
Jesu ha a buse a le mong. Batho ba tsoang “molokong o mong le o mong le lelemeng le leng le le leng le bathong ba bang le ba bang le sechabeng se seng le se seng . . . ba tla busa e le marena holim’a lefatše.” (Tšenolo 5:9, 10) Ke batho ba bakae ba tla busa le Kreste? Ho tloha ha Jesu a ne a le lefatšeng, Bakreste ba limilione e ile ea e-ba balateli ba hae. Empa ke ba 144 000 feela ba tla ea leholimong ho ea busa le Jesu. (Bala Tšenolo 14:1-4.) Bakreste ba bang bohle ba lefatšeng, ba tla ba tlas’a ’Muso oo.—Pesaleme ea 37:29.
-
-
’Muso oa Molimo o Tl’o Etsa’ng?U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
-
-
’Muso oa Molimo o Tl’o Etsa’ng?
’Muso oa Molimo o se o qalile ho busa. Haufinyane o tl’o etsa liphetoho tse kholo mona lefatšeng. Re tl’o ithuta ka liphetoho tse ling tse thabisang tseo u ka li lebellang ’Musong oa Molimo.
1. ’Muso oa Molimo o tla etsa’ng e le hore ho be le khotso le toka lefatšeng?
Morena oa ’Muso oa Molimo e leng Jesu, o tl’o felisa batho ba khopo le mebuso ntoeng ea Armagedone. (Tšenolo 16:14, 16) Ka nako eo, tšepiso ena e tsoang ka Bibeleng e tla phethahala: “Ho setse nakoana e seng kae ’me ea khopo ha a sa tla hlola a e-ba teng.” (Pesaleme ea 37:10) Tlas’a ’Muso ona, Jesu o tla etsa bonnete ba hore ho ba le khotso le toka lefatšeng lohle.—Bala Esaia 11:4.
2. Bophelo bo tla ba joang ha ho se ho etsahala thato ea Molimo lefatšeng?
Ha ’Muso oa Molimo o se o busa, batho “ba lokileng ba tla rua lefatše, ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.” (Pesaleme ea 37:29) Nahana u se u phela lefatšeng leo ho lona ho lulang batho ba lokileng feela, ba ratang Jehova le ba ratang batho ba bang. Ka nako eo, ho tla be ho se na motho ea kulang ebile batho bohle ba tla phela ka ho sa feleng.
3. ’Muso oa Molimo o tla etsa’ng ka mor’a hore batho ba khopo ba felisoe?
Ka mor’a hore batho ba khopo ba felisoe, Jesu o tla busa e le Morena ka lilemo tse 1 000. Ka nako eo, Jesu le ba 144 000 ba tla beng ba busa le eena ba tla thusa batho hore ba phethahale. Qetellong ea lilemo tseo, lefatše e tla be e le paradeise ebile ho lula batho ba thabileng hobane ba mamela melao ea Jehova. Ka mor’a moo, Jesu o tla khutlisetsa ’muso ho Ntate oa hae Jehova. Lebitso la Jehova le tla halaletsoa ka ho feletseng. (Matheu 6:9, 10) Ho tla be ho hlakile hore Jehova ke ’Musi ea lokileng ea khathallang batho ba hae. Jehova o tla felisa Satane, bademona le batho bohle ba khethang ho fetohela bobusi ba hae. (Tšenolo 20:7-10) Lintho tse thabisang tseo ’Muso oa Molimo o tl’o li etsa li tla lula li le teng.
ITHUTE LINTLHA TSE LING
Ithute hore na ke hobane’ng ha re ka tšepa hore Molimo o tla sebelisa ’Muso oa hae ho phethahatsa litšepiso tsohle tse ka Bibeleng.
4. ’Muso oa Molimo o tla felisa mebuso ea batho
‘Motho o busitse motho ho mo ntša kotsi.’ (Moeklesia 8:9) Jehova o tla sebelisa ’Muso oa hae ho felisa bothata bona.
Bala Daniele 2:44 le 2 Bathesalonika 1:6-8 ebe le buisana ka lipotso tsena:
Jehova le Mora oa hae Jesu ba tla etsa’ng ka mebuso ea batho le batho ba e tšehetsang?
Lintho tseo u ithutileng tsona ka Jehova le Jesu li u kholisa joang hore ba tla etsa lintho ka toka?
5. Jesu ke Morena ea molemo
Kaha Jesu ke Morena oa ’Muso oa Molimo, o tla thusa batho ka litsela tse ngata. Bapala VIDEO e le hore u bone kamoo Jesu a bontšitseng kateng hore o batla ho thusa batho le hore Molimo o mo file matla a ho etsa joalo.
Ha Jesu a ne a le lefatšeng, o ile a bontša hore na ’Muso oa Molimo o tla etsa’ng. Litlhohonolofatsong tsena tse latelang, ke life tseo u li lebeletseng ka ho fetisisa? Bala mangolo a tsamaisanang le tsona.
HA JESU A NE A LE LEFATŠENG, O ILE A . . .
NAKONG E TLANG JESU O TLA . . .
laola boemo ba leholimo. —Mareka 4:36-41.
felisa mathata a tikoloho. —Esaia 35:1, 2.
fepa batho ba likete. —Matheu 14:17-21.
felisa tlala lefatšeng. —Pesaleme ea 72:16.
folisa maloetse a mefuta eohle.—Luka 18:35-43.
etsa hore batho bohle ba phele hantle. —Esaia 33:24.
tsosa batho ba hlokahetseng.—Luka 8:49-55.
felisa lefu. —Tšenolo 21:3, 4.
6. ’Muso oa Molimo o tl’o etsa hore re thabele bophelo
’Musong oa Molimo, batho ba tl’o thabela bophelo feela joalokaha Jehova a ne a batla. Ba tla phela ka ho sa feleng lefatše e se e le paradeise. Bapala VIDEO e le hore u bone hore na Jehova o sebelisa Mora oa hae Jesu joang ho phethahatsa morero oa hae.
Bala Pesaleme ea 145:16 ebe le buisana ka potso e latelang:
Ho tseba hore Jehova o tla “khotsofatsa takatso ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang” ho etsa hore u ikutloe joang?
BATHO BA BANG BA RE: “Ha re sebetsa hammoho, re ka khona ho felisa mathata a teng lefatšeng.”
’Muso oa Molimo o tla felisa mathata afe ao mebuso ea batho e sa khoneng ho a felisa?
KAKARETSO
’Muso oa Molimo o tla etsa lintho tseo a li batlang. Lefatše lohle e tla ba paradeise ’me ho tla phela batho ba lokileng feela ba tla beng ba sebeletsa Jehova ka ho sa feleng.
Re Ithutile’ng?
’Muso oa Molimo o tla halaletsa lebitso la Jehova joang?
Ke’ng e etsang hore re lumele hore ’Musong oa Molimo litšepiso tse ka Bibeleng li tla phethahala?
Linthong tsohle tse ntle tseo ’Muso oa Molimo o tla li etsa, ke efe eo u e lebeletseng ka ho fetisisa?
BATLA
Ithute hore na Armagedone ke eng.
Bala ka lintho tse tla etsahala nakong eo Jesu a e bitsitseng “mahlomola a maholo.”—Matheu 24:21.
Hlokomela hore na malapa a ka etsa’ng e le hore a ipone a le Paradeiseng.
Sehloohong se reng “Ke ne ke E-na le Lipotso Tse Ngata Tse Ntšoenyang,” hlokomela hore na ke joang ntate e mong ea neng a rata lipolotiki a ileng a fumana likarabo tsa lipotso tsa hae.
-