Labohlano, la 16 October
Le se ke la lumella lipelo tsa lona ho khelohela litseleng tsa mosali eo. Le se ke la hlahlathella litseleng tsa hae.—Liprov. 7:25.
Tlaleho ena ea Solomone e bontša ntho e ka etsahallang morapeli ofe kapa ofe oa Jehova. A ka ’na a etsa sebe se tebileng ebe hamorao o re taba ena e etsahetse hang-hang. Kapa a re o bone feela a se a entse sebe. Empa haeba a ka nahana hantle hore na ho etsahetse’ng, o tla hlokomela hore o ile a etsa liqeto tse seng bohlale pele a etsa sebe seo se tebileng. Mohlomong o ile a etsa setsoalle le batho ba sa rateng Jehova, kapa e ka ’na eaba boithabiso boo a ileng a bo khetha, liwebsaete tseo a ileng a kena ho tsona kapa libaka tseo a ileng a ea ho tsona li ne li sa lokela Mokreste. Mohlomong o ne a se a sa rapele, a sa bale Bibele, a sa ee libokeng kapa tšimong. Joaloka mohlankana eo ho buuoang ka eena ho Liproverbia, o ile a etsa sebe se tebileng ka mor’a hore a etse liqeto tse ngata tse seng bohlale. Re ithuta’ng tabeng ee? Ha rea lokela ho qoba sebe ka bosona feela empa re lokela ho qoba le mehato e ka etsang hore re qetelle re entse sebe. Solomone o ile a hlalosa ntlha ena hang ka mor’a hore a bue ka tlaleho ena.—Mat. 5:29, 30. w24.07 16 ¶10-11
Moqebelo, la 17 October
Re fuoe mosebetsi ona o ikhethang le hoja re tšoana feela le lijana tsa letsopa tse tšetseng letlotlo le khethehileng.—2 Bakor. 4:7.
Ke mosebetsi ofe oo? Ke mosebetsi o pholosang bophelo ba batho oa ho bolela molaetsa oa ’Muso. (2 Bakor. 4:1) Lijana tsa letsopa li emela’ng? Li emela bahlanka ba Molimo ba bolellang batho ba bang litaba tse monate. Mehleng ea Pauluse, batho ba rekisang ba ne ba sebelisa linkho tsa letsopa ho tsamaisa lintho tsa bohlokoa joaloka lijo, veine le chelete. Ka tsela e tšoanang, Jehova o sebelisa rona hore re etse mosebetsi ona oa bohlokoa oa ho bolela litaba tse monate. Jehova o tla re thusa hore re be le matla a ho bolela molaetsa oa hae. Ka linako tse ling re ka tšaba ho hanyetsoa ke batho. Ke’ng e ka re thusang ha re ikutloa ka tsela eo? Ak’u nahane ka thapelo eo baapostola ba ileng ba e etsa nakong eo ba neng ba laeloa hore ba khaotse ho bolela litaba tse monate. Ho e-na le hore ba tšohe, ba ile ba kopa Jehova ka thapelo hore a ba thuse hore ‘ba ’ne ba bolele lentsoe la hae ka sebete sohle.’ Jehova o ile a arabela thapelo ea bona hang-hang. (Lik. 4:18, 29, 31) Ka linako tse ling ho tšaba ho hanyetsoa ke batho ho ka etsa hore re tšoenyehe ’me ha re ikutloa ka tsela eo re ka kopa Jehova hore a re thuse. Re ka kopa Jehova hore a re thuse hore re rate batho e le hore re se ke ra tšaba ho ba bolella litaba tse monate. w24.04 16 ¶8-9
Sontaha, la 18 October
‘Ntate oa rona ea maholimong, lebitso la hao le halaletsoe.—Mat. 6:9.
Re batla ho halaletsa lebitso la Jehova hobane rea mo rata. Taba ena e etsa hore re batle ho bolella batho hore mashano a matala ao Satane a a buileng ka Jehova ha se ’nete. (Gen. 3:1-5; Jobo 2:4; Joh. 8:44) Ha re bolela litaba tse monate re bontša hore re batla ho bolella batho bohle ba ikemiselitseng ho re mamela hore na Jehova ke Molimo ea joang. Re batla ho bolella batho bohle hore Jehova o lerato ebile o busa ka tsela e lokileng le e nang le toka le hore ’Muso oa hae o tla felisa mathata ’ohle le ho etsa hore re be le khotso ’me re thabe. (Pes. 37:10, 11, 29; 1 Joh. 4:8) Ha re bolella batho lintho tsena ka Jehova, re halaletsa lebitso la hae. Hape rea thaba hobane re etsa seo re lokelang ho se etsa joalokaha re le Lipaki Tsa Jehova. w24.05 18 ¶12