Laboraro, la 14 October
Jehova o haufi le bao lipelo tsa bona li utloileng bohloko. O pholosa ba khathetseng matla.—Pes. 34:18.
Na pelo ea hao e bohloko hobane motho eo u neng u mo tšepa o u tsoile tlase? Hopola hore Ntate oa hao ea leholimong oa u rata ho sa tsotellehe hore na batho ba bang ba ka u utloisa bohloko hakae. Haeba ho na le motho ea u soetsitseng, u ka tšelisoa ke mantsoe a Davida a hlahang temaneng ea kajeno. Batho “ba khathetseng matla” ba ka ’na ba ikutloa ba se na tšepo. Jehova o thusa batho ba ikutloang joalo joang? Jehova “o haufi” le rona, o joaloka motsoali ea nkang ngoana oa hae ea ntseng a lla ebe oa mo tholisa. Ha re utloile bohloko hobane ho e-na le motho ea re soetsitseng kapa ea re lahlileng, Jehova o utloa bohloko boo re bo utloang ’me o tla re thusa hang-hang. O ikemiselitse ho re tšelisa ha re utloile bohloko kapa re nahana hore ha re na thuso. O re fa tšepo e re thusang hore re mamelle mathata a rona hona joale.—Esa. 65:17. w24.12 23 ¶13-14
Labone, la 15 October
Le tla fuoa [moputso] ke Jehova.—Bakol. 3:24.
Mehleng ena baholo ba ka kholiseha hore Jehova o bona mesebetsi e metle eo ba e etsang ebile oa e ananela. Baholo ba etsa maeto a bolisa, baa ruta ebile ba etsa le mosebetsi oa boboleli ’me ba bangata ba bona ba thusa liprojekeng tsa kaho le ha ho hlahile likoluoa. Baholo ba bang ba thusa Likomiting Tsa Bohokahanyi le Lipetlele kapa ba Lihlopheng Tse Etelang Bakuli. Baholo baa tseba hore phutheho ke ea Jehova. Kahoo, ba sebetsa ka thata ka phuthehong ebile ba na le tumelo e matla ea hore Molimo o tla ba putsa ka lebaka la mesebetsi eo ba e etsang. (Bakol. 3:23, 24) Ha se motho e mong le e mong eo e ka bang moholo. Leha ho le joalo, kaofela ha rona ho na le seo re ka se etsetsang Jehova. Molimo oa rona o thaba haholo ha re etsa sohle se matleng a rona ho mo sebeletsa. Oa bona ha re fana ka menehelo ho tšehetsa mosebetsi oa lefatše lohle le haeba re sa khone ho fana ka o mongata. Hape oa thaba ha re tšoarela batho ba re utloisang bohloko. Tšepa hore Jehova o ananela seo u ka khonang ho mo etsetsa sona. Boiteko boo u bo etsang bo etsa hore a u rate ebile o tla u putsa.—Luka 21:1-4. w24.06 23 ¶12-13
Labohlano, la 16 October
Le se ke la lumella lipelo tsa lona ho khelohela litseleng tsa mosali eo. Le se ke la hlahlathella litseleng tsa hae.—Liprov. 7:25.
Tlaleho ena ea Solomone e bontša ntho e ka etsahallang morapeli ofe kapa ofe oa Jehova. A ka ’na a etsa sebe se tebileng ebe hamorao o re taba ena e etsahetse hang-hang. Kapa a re o bone feela a se a entse sebe. Empa haeba a ka nahana hantle hore na ho etsahetse’ng, o tla hlokomela hore o ile a etsa liqeto tse seng bohlale pele a etsa sebe seo se tebileng. Mohlomong o ile a etsa setsoalle le batho ba sa rateng Jehova, kapa e ka ’na eaba boithabiso boo a ileng a bo khetha, liwebsaete tseo a ileng a kena ho tsona kapa libaka tseo a ileng a ea ho tsona li ne li sa lokela Mokreste. Mohlomong o ne a se a sa rapele, a sa bale Bibele, a sa ee libokeng kapa tšimong. Joaloka mohlankana eo ho buuoang ka eena ho Liproverbia, o ile a etsa sebe se tebileng ka mor’a hore a etse liqeto tse ngata tse seng bohlale. Re ithuta’ng tabeng ee? Ha rea lokela ho qoba sebe ka bosona feela empa re lokela ho qoba le mehato e ka etsang hore re qetelle re entse sebe. Solomone o ile a hlalosa ntlha ena hang ka mor’a hore a bue ka tlaleho ena.—Mat. 5:29, 30. w24.07 16 ¶10-11