SE KA THUSANG LELAPA | HO BA MOTSOALI
Bana le Tšebeliso ea Mecha ea Puisano—Karolo ea 1: Na Ngoan’a ka o Lokela ho Sebelisa Mecha ea Puisano?
Phuputso e ’ngoe e bontšitse hore bacha ba bangata ba sebelisa mecha ea puisano. Na ngoana oa hao le eena o khalla ho sebelisa mecha ea puisano? Haeba ho joalo, ho na le lintho tse ’maloa tseo u lokelang ho li hlokomela sehloohong sena, tse kang
In this article
Tsela eo ngoana oa hao a sebelisang nako ka eona
Websaete ea HelpGuide e re: “Mecha ea puisano e etselitsoe ho hapa thahasello ea hao, ho etsa hore u lule u e sebelisa le hore u lule u sheba lintho tse ncha tseo batho ba li behileng.”
Lynne ea lilemo li 20 o re: “Ha ke sebelisa mecha ea puisano, ke ikemisetsa ho e sebelisa metsotso e seng mekae feela. Empa ha ke sheba nako, ke ee ke bone ho se ho fetile lihora. Ho ka ba thata ho behella fono ka thoko ebe u etsa ntho e ’ngoe ea bohlokoa.”
Ipotse: Na ngoan’a ka o tla khona ho mamela molao oo ke o behileng oa hore na a sebelise mecha ea puisano nako e kae? Na ngoan’a ka o holile ka ho lekaneng ho ipehela meeli le ho e latela ha a sebelisa mecha ea puisano?
Molao-motheo oa Bibele: “Le ichebe hore na le itšoere . . . joaloka ba bohlale. Le sebelise nako ea lona hantle.”—Baefese 5:15, 16.
Ho se behele ngoana oa hao melao ha a sebelisa mecha ea puisano, ho tšoana le ha u mo lumella hore a palame pere empa a sa koetlisetsoa ho e palama
Tsela eo ngoana oa hao a talimang setsoalle ka eona
“Mecha ea puisano” e etselitsoe hore batho ba ikutloe eka ba na le metsoalle e mengata. Empa ha e le hantle metsoalle eo ha se ea sebele.
Patricia ea lilemo li 17 o re: “Ke hlokometse hore bacha ba bangata ha ba e-na le metsoalle e mengata ebile batho ba rata lintho tseo ba li behang mecheng ea puisano, ba nahana hore batho bao baa ba tsotella le hoja ba sa ba tsebe.”
Ipotse: Na ngoan’a ka o holile ka ho lekaneng ho tseba hore ho ba le metsoalle e mengata le hore batho ba rate lintho tseo a li behang mecheng ea puisano ha se eona ntho ea bohlokoa bophelong? Na o khona ho etsa metsoalle ea sebele, eseng feela e mecheng ea puisano?
Molao-motheo oa Bibele: “Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle ’me ke ngoan’eno eo u ka mo tšepang linakong tsa mahlomola.”—Liproverbia 17:17.
Tsela eo ngoana oa hao a tla ameha ka eona maikutlong
Liphuputso li bontša hore hangata batho ba sebelisang mecha ea puisano haholo ba jeoa ke bolutu, baa tšoenyeha ebile ba ba le khatello ea maikutlo.
Serena ea lilemo li 19 o re: “Ho utloisa bohloko ho bona linepe tsa metsoalle ea hao ha e ne e ithabisa empa e sa u mema.”
Ipotse: Na ngoan’a ka o se a holile ka ho lekaneng hore a qobe ho inahana bo-eena, ho ipapisa le ba bang le ho se angoe ke lintho tseo batho ba li behang mecheng ea puisano?
Molao-motheo oa Bibele: “A re se keng ra ikhohomosa, ra batla ho hlolisana le ba bang kapa ra honohela ba bang.”—Bagalata 5:26.
Tsela eo ngoana oa hao a tla itšoara ka eona mecheng ea puisano
Ha bacha ba sebelisa mecha ea puisano ba ba kotsing ea ho hlorisoa Inthaneteng, ho romellana melaetsa le litšoantšo tsa thobalano le ba bang le ho shebella pornography. Le hoja ngoana oa hao a sa ikemisetsa ho etsa lintho tsena, a ka qetella a anngoe ke tsona.
Linda ea lilemo li 23 o re: “Lintho tse hlahang mecheng ea puisano li ka bonahala e le lintho tse sa reng letho, empa ka potlako li ka fetoha lintho tse mpe.”
Ipotse: Na ngoan’a ka o holile ka ho lekaneng hore a ka sebelisa Inthanete hantle? Na ngoan’a ka o tla khona ho ba le boitšoaro e le hore a se ke a sheba lintho tse fosahetseng?
Molao-motheo oa Bibele: “Boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano, ntho e ’ngoe le e ’ngoe e litšila le meharo li se ke tsa buuoa le ho buuoa har’a lona . . . Hape har’a lona ha hoa lokela ho ba le boitšoaro bo soabisang, lipuo tse se nang kelello le mesoaso e litšila.”—Baefese 5:3, 4.
Na ho sebelisa mecha ea puisano hoa hlokahala?
Motho ha a hloke mecha ea puisano e le hore a phele kapa a thabe. Bacha ba bangata, ho akarelletsa le ba seng ba khaolitse ho sebelisa mecha ea puisano, ba ntse ba thabela bophelo le hoja ba sa e sebelise.
Nathan ea lilemo li 17 o re: “Ka mor’a ho bona kamoo mecha ea puisano e ileng ea ama ausi oa ka hampe kateng, ke ile ka khaotsa ho e sebelisa. Ka mor’a moo, ke ile ka thaba le ho feta ebile ho na le lintho tse ngata tseo ke thabelang ho li etsa bophelong.”
Taba ea bohlokoa ke ena: Pele u lumella ngoana oa hao ho sebelisa mecha ea puisano, etsa bonnete ba hore o holile ka ho lekaneng ho sebelisa nako hantle, ho etsa metsoalle e molemo le ho qoba ho sheba lintho tse fosahetseng.
Molao-motheo oa Bibele: “Ea bohlale o nahana ka mohato o mong le o mong oa hae.”—Liproverbia 14:15.