Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w82 5/15 leq. 31
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Moshe le Arone ho Faro
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Likotlo Tse Tharo Tse Qalang
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Jehova ke Mang?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Likotlo Tse Ling Tse Tšeletseng
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
w82 5/15 leq. 31

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

■ Ke hobane’ng ha Molimo o ile oa re Moshe a kōpe tumello ea Faro ho ʽnka leeto la matsatsi a mararo ho ea lefeelleng,’ kaha morero oa hae e ne e le hore Baiseraele ba tlohe Egepeta ka ho feletseng?

Sehlahleng se tukang, Molimo o boletse hore o tla sebelisa Moshe ho lopolla Baiseraele Egepeta le ho ba etella pele ho ea lefatšeng le kollang lebese le linotši. Molimo oa bolella Moshe hore Faro o lokela ho bolelloa: “Jehova, Molimo oa Baheberu, o tlile ho rōna, ʼme joale ak’u re lumelle, re ee tsela ea matsatsi a mararo lefeelleng, re tle re hlabele Jehova, Molimo oa rōna, mahlabelo.”—Exoda 3:18.

Kaha Molimo o ne o boleletse Moshe hore Baiseraele ba tla ea Lefatšeng la Pallo, mohlomong ho bonahala a ne a patela Faro litaba. Empa kamoo litaba li ileng tsa sebetsahala kateng hoa totobala hore tsela eo Molimo o sebelitseng litaba ka eona e ne e le e lokileng ʼme e sebeletsa merero ea hae.

Baiseraele ba ne ba bile Egepeta ka lilemo tse fetang 200 ʼme ba tšoeroe e le sechaba sa makhoba. Empa Molimo, tumellanong le tšepiso ea hae e sa fetohang ho Abrahama, o ne a tla etsa sechaba se seholo ka Baiseraele. Ba ne ba tla lula ka bolokolohi naheng eo Molimo o neng o e bontšitse Abrahama, naheng ea Kanana. (Genese 12:1, 2, 7; 18:18; 22:17, 18) Na Faro o ne a tla sebelisana le morero oa Molimo ka boithatelo?

Che, Jehova o hlile a tseba hore Faro ka manganga o tla hana ho lumella Baiseraele ho tloha Egepeta, leha e le ka nakoana e khutšoanyane feela. Haeba Molimo, ka Moshe le Aarone, a ne a bontšitse hore thato ea hae ke hore Baiseraele ba tlohe Egepeta ka ho feletseng, Faro o ne a tla hlahisa likhanyetso tse neng li tla bonahala li utloahala, tse kang hore naha e ne e tla ba tsietsing ha batho ba fetang millione ba tloha hang, ba bile ba tsamaela ruri. ʼMe ba bang ba ne ba tla utloela Faro bohloko kapa ba mo qenehele. Ha Baiseraele ba ne ba tloha naheng ea Goshene ka matsatsi a seng makae feela ho ne ho sa tlo senyetsa Ba-Egepeta hakaalo-kaalo.

Ha Faro ka manganga a hana ho lumella Baiseraele ho tsamaea, leha e le ka matsatsi a mararo feela, e ne e le ho ke keng ha latoloa hore pelo ea hae e ne e le thata. Ho hang ho ne ho se lebaka le emelang boikutlo bo thata hakaalo leha e le khatello e eketsehileng eo Faro a ileng a laela hore e etsoe.—Exoda 5:1-9.

Le kamorao ho letoto la likotlo, Faro ea manganga o ne a ke ke a lumella Baiseraele ho tloha Egepeta. Qetellong, kotlo ea bo10 e bile matla hoo Egepeta le Faro ba ileng ba bolella Moshe hore a nke batho ʼme a tsamaee—ho se tumellano ea matsatsi a mararo. Le teng ha ba se ba tsamaile Faro a leka ho tšoasa le ho khutlisa Baiseraele. Hoo ha hlōleha, hobane le eena Faro o ile a shoela Leoatleng le Lefubelu.—Exoda 12:31-39; 14:5-9, 21-28; Pesaleme ea 136:15.

Ka baka leo, ho bolella ha Molimo Moshe hore a etse kōpo e utloahalang ea matsatsi a mararo ha sebeletsa ho leka Faro. Ha senola se ka pelong ea hae.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela