Lebitso la Bomolomo Hamoraonyana
HORE lebitso la bomolimo le ile la sebelisoa historing ea pele ha ho belaetse. Empa mehleng ea moraonyana teng? Ke hobane’ng ha liphetolelo tse ling tsa Bibele li siile lebitso? Hona le bolela eng ʼme ke la bohlokoa hakae ho rōna?
LEBITSO “JEHOVA” LE TSEBAHALA HOHLE
Ho khahlisang, Raymundus Martini, momonke oa Mospaniard, oa mokhatlo oa dominican, ka lekhetlo la pele a ngola lebitso la bomolimo e le “Jehova.” Mokhoa ona oa hlaha bukeng ea hae Pugeo Fidei, e hatisitsoeng ka 1270 C.E.—lilemong tse fetileng tse fetang 700.
Kamor’a nako, ha mehato ea tokiso e tsoela pele ka hare le ka ntle ho Kereke e K’hatholike, ha etsoa hore Bibele e fumanoe ke batho bohle, ʼme lebitso “Jehova” la tsebahala haholo. Ka 1611 C.E. Phetolelo ea King James ea Bibele ea hatisoa. E sebelisa lebitso Jehova ka makhetlo a mane. (Ex. 6:3; Pes. 83:18; Esa. 12:2; 26:4) Ho tloha ka nako eo, Bibele e fetoletsoe ka makhetlo a mangata haholo. Liphetholelo tse ling li latela mokhoa oa Authorized Version ʼme li kenya lebitso la bomolimo ka makhetlo a ʼmaloa.
Har’a tsena ke An American Translation (ea Smith and Goodspeed) ka phapang e fokolang feela ea ho sebelisa “Yahweh” bakeng sa “Jehova.” Empa, motho a ka ʼna a botsa: “Ke hobane’ng ha bafetoleli ba entse tjee? Haeba ho sebelisa ‘Jehova’ kapa ‘Yahweh’ ho le phoso, ho kenyetsoa’ng? Haeba ho nepahetse, ke hobane’ng ho sa lumellane ʼme ha sebelisoa nako le nako ha le hlaha temaneng ea Bibele?”
Khahlanong le setšehetso sa histori le sa mabaka se tsoa feta, a re hlahlobeng hore na bafetoleli ba re’ng ha ba arabela.
KARABELO EA BAFETOLELI
Selelekela sa An American Translation se bua tjena: “Phetolelong ena re latetse mokhoa oa khale oa neano ea Sejode ʼme re beile ‘Morena’ bakeng sa lebitso ‘Yahweh.’” Empa ka ho latela “mokhoa oa khale oa neano ea Sejode,” na bafetoleli ba ile ba hlokomela hore na ke ho kotsi hakaakang ho hlokomoloha boikemisetso bo hlakileng ba Molimo ba hore ‘lebitso la oona le tsebahatsoe lefatšeng lohle’? Jesu o ne a nyatsa lineano tsa batho tse neng li etsa lentsoe la Molimo lefeela.—Ex. 9:16; Mar. 7:5-9.
Selelekela sa Revised Standard Version se re: “Khatiso e phetiloeng e khutlela mokhoeng oa Phetolelo ea Morena James, e latelang . . . mokhoa oo e leng khale o theiloe ho baloeng ha mangolo a Seheberu ka tlung ea thapelo. . . . Ka mabaka a mabeli Komiti e khutletse tšebelisong e tloaelehileng haholo ea Phetolelo ea Morena James: (1) Lentsoe ‘Jehova’ ha le emele ka nepo mokhoa leha e le ofe oa Lebitso o kileng oa sebelisoa Seheberung; ʼme (2) tšebeliso leha e le efe ea lebitso lefe kapa lefe la botho bakeng sa Molimo o le mong le oa ʼnete, joalokaha eka ho teng melimo e meng eo o lokelang ho khetholloa ho eona, e ile ea khaotsoa Bojodeng pele ho mehla ea Bokreste ʼme ke ho sa lokelang ho hang bakeng sa tumelo ea lefatše lohle ea Kereke ea Bokreste.” (mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.)
Bafetoleli ba entse phoso e khōlō ka ho latela mohlala oa King James Version le mokhoa oa Sejode. Na ba kile ba nahana hore ke thato ea Molimo hore lebitso la oona le bolokoe e le setšehetso? Na lebitso la bomolimo ke ntho e ka hlabeloang lihlong hoo le ka tlosoang ka Bibeleng?
LENYATSO LA BOLUMELI?
ʼNete e khahlisang ke hore American Standard Version e hatisitsoeng ka 1901, e sebelisa lebitso Jehova Mangolong a Seheberu kaofela. Ha ho bapisoa, Revised Standard Version, e hatisitsoeng ka 1952, e supa litlhaku tse ʼnè ka bokhutšoanyane botlaseng ba leqephe (ho Exoda 3:15). Nakong eo, Lipaki tsa Jehova li ne li bolela lebitso la Molimo lefatšeng ka bophara. Na ebe ho ka etsahala hore lebitso la bomolimo le setse liphetolelong tse ling ka baka la ho nyatsa mosebetsi oa tsona oa bopaki?
Hore ho ka ʼna ha e-ba joalo mabakeng a mang ho bontšoa ke polelo e latelang e hlahileng ho Katholische Bildepost (makasine ea k’hatholike ea Jeremane): “Lebitso la Molimo, leha ho le joalo, leo bona [Lipaki tsa Jehova] ba le fetoletseng ho ‘Jehova’ ke feela boiqapelo ba mokhatlo.” (la 24 Phato, 1969) Polelo ena e nkha lefotha la lenyatso la bolumeli. Hape e senola patlisiso e fokolang kaha, joalokaha ho se ho boletsoe, mongoli oa pele ho sebelisa lentsoe “Jehova” e bile momonke oa k’hatholike—ka ho totobetseng e seng e mong oa Lipaki tsa Jehova!
BOTEME-PELI
“Lentsoe ‘Jehova’ ha le emele ka nepo mokhoa leha e le ofe oa Lebitso o kileng oa sebelisoa Seheberung,” kamoo ho bolelang selelekela sa Revised Standard Version. Empa ke lentsoe lefe leo ‘ka nepo le emelang’ lebitso la bomolimo ka Seheberu? Ba bang ba rata “Yahweh,” ba bang “Yehwah,” ba bang “Jave,” joalo-joalo. Bothata ke hore ha ho ne ho ngoloa Seheberu sa boholo-holo ho ne ho sebelisoa lilumammoho feela ʼme le tsona litsebi li lumela hore ke taba ea boikhethelo hore na ke lilumanoosi life tse neng li thea lebitso le feletseng la bomolimo.
Hape motho a ka ʼna a botsa ba hanyetsang mokhoa oa “Jehova” hore na ke hobane’ng ha ba sa hanyetse mabitso a mang a kang “Jesu” kapa “Petrose.” Ke hobane’ng ha basomi ba sa hatelle hore ho sebelisoe mekhoa ea ho ngola ea pele ea Segerike ea mabitso ao (Iesoús le Petros)? Na batho baa ha ba molato oa ho ba teme-peli ka ho hana “Jehova”?
LIPHETOLELO TSE LING
Liphetolelo tse ngata, koana, li sebelisa “Jehova” kapa “Yahweh” kapa ho hong feela ho emelang Litlhaku tse ʼnè. Ho feta moo, ho teng liphetolelo tse ling tse ka bang 40 tseo e seng Senyesemane tsa Mangolo a Bakreste a Segerike (“Testamente e Ncha”) tse sebelisang sebopeho sa puo eo bakeng sa Litlhaku tse ʼnè tse kang Iehova (Sehawaii) le Ujehova (Sezulu).
The Bible in Living English (ea Steven T. Byington) le eona e sebelisa “Jehova” ho theosa le litemana tsa Seheberu. Selelekeleng sa hae, Byington o re ka “Jehova”: ‘‘Hore na ho peletoa joang kapa ho bitsoa joang hase tsona tsa bohlokoa bo boholo. Hoo e leng ha bohlokoa ke ho hlakisa hore lena ke lebitso la botho.” E, lebitso la Motho ea phahameng ka ho fetisisa popong eohle ke le khethollehileng, le khethehileng, leo ho seng le ka bapisoang le lona le le phahameng.
LEBITSO LEE LE KHETHEHILENG LE BOLELA’NG?
Ho arabela sena, ho hetla morao historing ke ho loketseng. Ha a rongoa ke ea Holimo-limo ho ntša Baiseraele Egepeta, “Moshe a re ho Molimo: Bona, ke tla ea ho bana ba Iseraele, ʼme ke tla re ho bona: Molimo oa bo-ntat’a lōna o nthomile ho lōna; etlare ha ba re ho ʼna: Lebitso la oona ke mang? ke tla re’ng ho bona? Eaba Molimo o re ho Moshe: [Ke tla ipaka ho ba seo ke tla ipaka ho ba sona.’ ʼMe a eketsa: ‘Ke sena seo u tla se bolella bara ba Iseraele, “Ke tla Ipaka ho ba o nthomile ho lōna.”’]” (Ex. 3:13, 14, bapisa le NW) Hona ho bolela hore Jehova o ne a tla etsa morero oa hae o moholo hore a o qete ho tumiseng lebitso la hae le borena, ʼme hona ho re thusa ho utloisisa lebitso la boikhopotso “Jehova,” le boletsoeng temaneng ea 15. Ho ea ka motso oa Seheberu oa lebitso ho bonahala le bolela “O etsa hore ho be” (kapa, “Ho Ipaka ho Ba”) mabapi le eena ka boeena. Kahoo lebitso la Molimo le hlile le na le seo le se bolelang ho batho ba nahanang. Lebitso leo le mo senola e le Ea phethahatsang a sa hlōlehe seo a tšepisang hore o tla se etsa ʼme ho hang o laola boemo leha e le bofe bo ka hlahang.
Lebitso la bomolimo le na le tlhaloso e tebileng le e halalelang hakaakang! Ke lebitso le amohelehang pōpong eohle, lebitso le khanyang. Lentsoe “Morena” le lefifi ʼme ha le re letho ha le bapisoa. Jesu o ne a rata a bile a hlompha lebitso la Ntat’ae ʼme ka lekhetlo le leng a re ho eena: “Ntate, tlotlisa lebitso la hao.” Tlaleho e tsoela pele e re: “Eaba lentsoe lea tla le e-tsoa leholimong, la re: Ke se ke le tlotlisitse, ʼme ke tla ʼne ke le tlotlise.”—Joh. 12:28.
Hoja Jesu e ne e bile mofetoleli oa Bibele kajeno, na a ka be a tlohetse lebitso la Ntat’ae liphetolelong tse ncha? Le hanyenyane! ntle ho pelaelo, Jesu, har’a batho bohle, o ne a e-na le boikutlo bo nepahetseng ka Molimo o matla ʼohle le lebitso la Oona. Ka hona boikutlo ba rōna e lokela ho ba bofe ka Molimo le lebitso la oona?