U KA HLOLA BOIKUTLO BA HO JEOA KE BOLUTU JOANG?
E-ba le Morero Bophelong
U phelela’ng? Batho ba batla ho etsa lintho tse etsang hore ba be le morero bophelong. Haeba u ikutloa u se na thuso ebile ho se na ntho e molemo eo u e etsetsang ba bang, seo se tla etsa hore u jeoe ke bolutu. Empa ha u ka ba le morero bophelong, u ka khona ho sebetsana le ho jeoa ke bolutu.
NA KELETSO EE EA SEBETSA?
Hlokomela melemo e tlisoang ke ho ba le morero bophelong.
U tseba seo u batlang ho se finyella bophelong. Ha u na le seo u batlang ho se finyella bophelong, u tla ba le lebaka bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e etsang. Kahoo, u tla sebelisa nako ea hao le matla a hao hantle, ’me seo se tla u thabisa.
Oa thaba ebile u ikutloa u phetse hantle. Hangata batho ba tsebang hore na ba batla ho etsa’ng bophelong, ba thabile, ba khotsofetse ebile ba na le boikutlo ba hore ho na le ntho e molemo eo ba e etsang. Sena se etsa hore ba se ke ba ikhalala le hore ba ikutloe e le batho ba bohlokoa. Ha ba lule ba utloile bohloko ’me ba phela hantle ’meleng ebile ba phela nako e telele.
Ho ba bonolo hore u etse metsoalle ea sebele. Hangata batho ba batlang ho finyella lintho tse tšoanang, e ba metsoalle. Ba thabela ho qeta nako hammoho hobane ba thabela lintho tse tšoanang. Ha ba sebetsa hammoho ho finyella sepheo se itseng, setsoalle sa bona se tiea le ho feta.
Emma eo re buileng ka eena pejana, o re: “Ha ke jeoe ke bolutu haholo ha ke e-na le batho ba batlang ho finyella lintho tse tšoanang le tseo ke batlang ho li finyella, le ba phelang ka tsela eo ke batlang ho phela ka eona.”
Ho tseba ’Mopi ho tla u thusa ho fumana morero bophelong, le ho sebetsana le bothata ba ho jeoa ke bolutu
U KA ETSA SEE JOANG?
Ke’ng e lokelang ho tla pele bophelong ba hao? Na ke mosebetsi oa hao? Lelapa la hao? Kapa batho bao u phelang le bona? Le hoja lintho tsena li ka etsa hore batho ba be le morero bophelong, ba bang ba ntse ba utloa eka ho na le ntho e haellang. Ke hobane’ng ha ho le joalo?
Joalokaha ho na le lintho tseo re li hlokang nameng, maikutlong le kelellong, re boetse re hloka ho tseba ’Mopi oa rona le ho ba haufi le eena. Re ka finyella see joang?
Atamela ho Molimo. Ithute ka ’Mopi ka ho bala Bibele. Bibele ea re bontša hore na ’Mopi oa rona ke mang, re ka atamela haufi le eena joang le hore na morero oa hae ke ofe ka rona. Ka mohlala, Bibele e bontša hore ’Mopi oa rona o na le lebitso, e leng Jehova. (Esaia 45:18) E boetse e fana ka tataiso e ka re thusang hore re be le morero bophelong.
Bala Bibele
Crystal oa Australia, o ile a ba le bothata ba ho nyahama a ba a leka ho ipolaea. O re: “Ho tseba Jehova ho entse hore ke tsebe hore na ke phelela’ng.”
Ithute ka ’Mopi
Kopana le ba bang ba fumaneng morero bophelong. Tsela e ’ngoe eo u ka atamelang haufi le ’Mopi ka eona ke ka hore u fumane batho ba bang ba batlang ho atamela haufi le eena. E le ho ba fumana, re u mema hore u etele libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova.a Ha u le moo, u tla kopana le batho ba hlotseng bothata ba ho jeoa ke bolutu hobane ba ithutile ka morero oa ’Mopi ka batho, ’me seo se ba thusitse ho ba le metsoalle eo ba seng ba e nka e le lelapa.
Kopana le ba bang ba fumaneng morero bophelong
Na u ka thabela ho hlola boikutlo ba ho jeoa ke bolutu? Ho bala Bibele ho ka u thusa. Ho ka u thusa hore u fumane morero bophelong, u etse metsoalle ea sebele le batho bao Bibele e seng e ba thusitse, u be u khone ho sebetsana le bothata ba ho jeoa ke bolutu.
ITHUTE HO EKETSEHILENG: Bala bukana e nang le sehlooho se reng, Na Lintho Tse Phelang li Bopiloe? U ka boela oa shebella livideo tse latelang: Re ka Kholiseha Joang Hore Bibele e Nepahetse? le Kamoo u ka Balang Bibele.