Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 4:21
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 21 Jehova a re ho Moshe: “Ha u se u khutletse Egepeta, u etse mehlolo eohle eo ke u fileng matla a ho e etsa ka pel’a Faro.+ Empa ke tla mo tlohela* hore a be manganga+ ’me a ke ke a tlohela sechaba hore se tsamaee.+

  • Exoda 7:13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Ho ntse ho le joalo, Faro a ba manganga*+ eaba ha a ba mamele feela joalokaha Jehova a ne a buile.

  • Exoda 7:22
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 22 Leha ho le joalo, baprista ba maselamose ba Egepeta ba etsa ntho e tšoanang.+ Faro a ’na a ba manganga eaba ha a ba mamele feela joalokaha Jehova a ne a buile.+

  • Exoda 8:15
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 15 Ha Faro a bona hore linqanqane ha li sa le eo, a ba manganga+ ’me a hana ho ba mamela feela joalokaha Jehova a ne a buile.

  • Exoda 8:19
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 19 Baprista ba maselamose ba re ho Faro: “Ntho ena e tsoa ho Molimo.”*+ Empa Faro a ’na a ba manganga ’me a se ke a ba mamela feela joalokaha Jehova a ne a buile.

  • Exoda 9:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Empa Jehova a tlohela Faro hore a ’ne a be manganga ’me a se ke a ba mamela feela joalokaha Jehova a ne a boleletse Moshe.+

  • Exoda 9:35
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 35 Faro a ’na a ba manganga ’me a se ke a tlohela Baiseraele hore ba tsamaee feela joalokaha Jehova a ne a boletse ka Moshe.+

  • Exoda 10:20
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 20 Leha ho le joalo, Jehova a tlohela Faro hore a be manganga+ ’me Faro a hana ho tlohela Baiseraele hore ba tsamaee.

  • Exoda 10:27
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 27 Jehova a tlohela Faro hore a be manganga ’me Faro a hana ho ba tlohela hore ba tsamaee.+

  • Exoda 11:10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Moshe le Arone ba etsa mehlolo ena eohle ka pel’a Faro+ empa Jehova a tlohela Faro hore a be manganga, hoo a sa kang a tlohela Baiseraele hore ba tlohe naheng ea hae.+

  • Exoda 14:8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 8 Jehova a tlohela Faro morena oa Egepeta hore a be manganga ’me a lelekisa Baiseraele ba neng ba tsamaea ba sa tšoha letho.*+

  • Baroma 9:17, 18
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 Lengolo le re ho Faro: “Ke u bolokile u phela ka lebaka lena: Hore ke bontše matla a ka ka uena le hore lebitso la ka le boleloe lefatšeng lohle.”+ 18 Kahoo, Molimo o hauhela eo a batlang ho mo hauhela empa ea batlang ho ba manganga oa mo tlohela.+

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela