Lipesaleme Pina ea Methati. 121 Ke tla phahamisetsa mahlo a ka lithabeng.+Thuso ea ka e tla tsoa hokae?+ 2 Thuso ea ka e tsoa ho Jehova,+Moetsi oa leholimo le lefatše.+ 3 A ke ke a lumella leoto la hao hore le therekele.+Ea u lebelang a ke ke a otsela.+ 4 Bona! A ke ke a otsela kapa a robala,+Ea lebelang Iseraele.+ 5 Jehova oa u lebela.+Jehova ke moriti+ oa hao ka letsohong la hao le letona.+ 6 Letsatsi le ke ke la u bataola motšehare,+Kapa khoeli bosiu.+ 7 Jehova o tla u lebela khahlanong le tlokotsi eohle.+O tla lebela moea oa hao.+ 8 Jehova o tla lebela ho tsoa ha hao le ho kena ha hao+Ho tloha joale ho ea pele le ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+